﻿

Ngodiso e ikgethang jwaleka rasaense ya tlhaho wa profeshene- Ho ananelwa ha thuto ya pele le boiphihlelo.

Tlhaloso
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona

Tlhaloso

Lekgotla la Afrika Borwa bakeng sa Profeshene ya Saense ya Tlhaho  le ya dumela hore ho na le batho ba sa kang ba ba le menyetla ya ho fihlela thuto e phahameng e hlokwang ke lefapha bakeng sa ngodiso jwaleka profeshenale. Empa, he batho ba jwalo ho ka etsahala hore ba bile le seabo se seholo saenseng ka dilemo lemo mme ho ka etsahala hore le jwale ba sa ntse ba ameha.

Lekgotla le nkile qeto hore le nehelane ka monyetla ho batho ba jwalo hore ba etse dikopo bakeng sa ngodiso jwaleka borasaense ya tlhaho ba profeshene tlasa dipehelo tse itseng.

Motho mang kappa mang ya se nang mangolo a amohelwang ke Lekgotla a ka etsa kopo.

Baetsadikopo ba lokela

ho hlomptjhwa ke bomphato ba bona ka tsebo ya bona lekaleng leo ba ikgethetseng lona
hore ebe ba ile ba ba le seabo kahara borasaense
hore ba na le boiphihlelo ba dilemo tse 10 ka ho latelana ba tshebetso kahara saense pele ba etsa kopo lekaleng leo.

Hlokomela: Ebang ho etsahala hore o ile wa tswa profesheneng ena dilemong tseo tse leshome, o ke ke wa dumellwa ho ingodisa ho latela boemo ba jwale.

Ho lekolwa ha dikopo ho tla etswa ke Komiti ya Boeletsi ya Profeshene e loketseng, kopo e tla dumellwa ke Komiti ya Ngodiso ya SACNASP le ho dumellwa ka ho phethahala ke Lekgotla le feletseng.

Hodimo

Mehato e latelwang

Tlatsa foromo e loketseng ya kopo bakeng sa ngodiso
Nehelana ka foromo e saennweng mmoho le potofolio e mabapi le thuto le boiphihlelo e nang le:

bonnete ba thuto e tlwaelehileng le thuto e sa tlwaelehang eo motho a e fumaneng – dikhophi tse netefaditsweng tsa ditefikeiti tsa digree kapa diploma, ho kenyeletswa direkoto tsa thupelo bakeng sa dithuto tseo
rekoto e feletseng ya boiphihlelo ba profeshene lekaleng la tshebetso leo kopo e etswang ho lona
lenane la diphatlalatso
bopaki ba hoba setho mekgatlong ya dirutehi, mohlala, Mokgatlo wa Afrika Borwa bakeng sa saense ya Dijo le Tegnoloji ; Institjhute ya Dichemical ya Afrika Borwa 
mokgatlo wa Ditsebi tsa Geology wa Afrika Borwa 

Bonyane dirapoto tse tharo tse feletseng  tseo o di hlophisitseng kapa o bileng le seabo ho tsona. Ebang o sa kgone ho fana ka dirapoto ka lebaka la hobane e le lekunutu, seabo sa tsona se lokela hore se tsebjwe.
Ho be le lengolo la boitlamo moo o hlalosang hore seo ke mosebetsi wa hao moo o hlalosang seabo sa hao dirapotong tse romelletsweng.
Mangolo a boitlamo a dipaki tse pedi tse ka pakang bokgoni le boiphihlelo lekaleng la hao la tshebetso.

Hodimo

Molao o sebediswang

.

Natural Scientific Professions Act, 2003  

Hodimo

Maemo a tshebeletso

Ngodiso e ka nka dibeke tse 6 ho isa ho tse 8 ho latela ka moo ho fanweng ka ditokomane tse hlokehang kateng.
Bonyane batho ba ka bang babedi ba kgethilweng ke Komiti ya Boeletsi ya SACNASP ba tla o botsa dipotso.

Sephetho sa tekolo se tla ntshwa kamora kopano ya Lekgotla.


Hodimo

Ditjeo

Registration fees including Vat:

Professional Natural Scientist: R665 per field of practice
Candidate Natural Scientist: R365 per field of practice
Certificate Natural Scientist: R430 per field of practice
Upgrading of registration status: R665 per field of practice

Annual fees including Vat:

Professional Natural Scientist: R600 per field of practice
Candidate Natural Scientist: R240 per field of practice
Certificate Natural Scientist: R385 per field of practice
Pensioner : R130

Ho boloka ka elektroniki le ho diposita ka banking: Sebedisa kgutsufatso ya mabitso a hao le sefane ho kgetholla tefo ya hao setatementeng sa hao sa banka mme romela bopaki boo ka fekse mmoho le leqephe le Qalang la foromo ya hao ya kopo ho  841 1057.

Dintlha tsa banka:
Ya amohelang: SACNASP
Nedbank
Lekala: Silverton
Khoutu ya lekala: 164445
Account No: 1644292289

Hodimo

Diforomo tse tlatsuwang

.

Application for Professional Registration 



Hodimo

Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona


