
Kopo ya tlhophiso e kgethehileng bakeng sa ditefello tsa laesense kapa ho dumellwa ho se ngodise
Tlhaloso
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona

Tlhaloso

Tlhophiso e kgethehileng ya dikoloi e fuwa mefuta e itseng ya dikoloi tse phethang lebaka le itseng mme tseo hangata di sa tsamayeng mmileng wa setjhaba.

Treilara kapa terekere e dumelletswe ho se lefe ditjhelete tsa laesense haeba monga koloi ke molemi wa nnete mme koloi e sebedisetswa feela mesebetsi ya temo ya hae. Sena se etsahala le ha koloi e fetotswe kapa e ahilwe botjha ho sebedisetswa feela mabaka a lebelo le/kapa pontsho.

Hodimo

Mehato e latelwang

Tlatsa foromo ya kopo ya EFL 1 kantorong ya heno ya sephethephethe e haufinyana.
Etla le ditokomane tse latelang:

bukana ya boitsebiso
setifikeiti sa boingodiso ba koloi
lengolo la tumello ho tswa ho Biro e laolang Boemo ba disebediswa Afrika Borwa
setifikeiti sa ho lokela ho ba mmileng sa koloi eo ho buuwang ka yona.


Hodimo

Molao o sebediswang



National Road Traffic Act, 1996  

Hodimo

Maemo a tshebeletso

Tlhophiso kapa ho dumellwa ho se ngodise ho ka nka ho fihla dibeke tse tsheletseng.

Hodimo

Ditjeo

