

Foromo ya lekgetho ya tlhahisoleseding e akaretsang

Tlhaloso
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona

Tlhaloso

Foromo ya lekgetho ya tlhahisoleseding e akaretsang e dumella boramesebetsi ho neha ba Tshebeletso ya Lekgetho ya Afrika Borwa  tlhahisoleseding e mabapi le basebetsi ba bona bao ho sa kang ha hulwa lekgetho la bona jwalo ka ha ho beuwe Molaong wa Lekgetho la Kuno, 1962.

Hodimo

Mehato e latelwang

Shejulu ya A: Diforomo tsa lekgetho tsa mosebetsi le ditshebeletso 

Nqeng tseo ho tsona tekanyo ya selemo le selemo ya palo ya moputso wa mosebeletsi e fihlang ho R2 000 kapa ka tlase ho moo mme lekgetho la mosebeletsi le sa hulwa, ho tshwanetswe hore ho fanwe ka IT3 kapa lenane, la latellanang ka di-alfabete, le hlahisang ka botlalo tlhahisoleseding e latelang e mabapi le motho ka mong:

di-inishiale le sefane kapa lebitso la kgwebo
nomoro ya referense ya lekgetho 
nomoro ya boitsebiso kapa nomoro ya phasepoto
aterese
palo ya moputso
nako eo ho hirilweng ka yona kapa eo o e bokelletseng
ho tla fanwa ka IT3 tlasa mabaka ana a latelang:

Ha paloyohle ya moputso wa mosebeletsi kapa palo e lekanang le yona ya selemo e le ka tlase ho R2 000 mme e sa fete bonyane bo beuweng ba lekgetho. .
Bakeng sa shwahla ya tjhelete ya tefello  eo ho sa hulwang lekgetho ho yona.
Tefello efe kapa efe e lefuweng motho bakeng sa ditshebeletso tseo ho fanweng ka tsona kapa ho tla fanwa ka tsona tseo ho se nang lekgetho le hutsweng ho yona.

O SE KE wa fana ka diforomo tsena tsa lekgetho bakeng sa hona ho latelang:

Ditefello tse lefuweng bakeng sa ditshebeletso tseo ho fanweng ka tsona ke batho mosebetsing wa bona wa profeshene, mohlala, dingaka, maqwetha, diadvokheiti, diakhaontente le bahlakisi.

Moputso ofe kapa ofe  o hlahellang setifikeiting sa IRP5.

Moputso kapa palo ya selemo e batlileng e lekana le ona, e sa feteng R2 000 bakeng sa selemo sa lekgetho.



Shejulu ya B: Thepa, dipeeletso, ditokelo le di-royalty )

Fana ka dintlha tsa dipalo tse lefuweng kapa tse kreditilweng ke wena bakeng sa:

phaello hodima dikadimo le di-mortgage bond 
Phaello hodima ditjhelete tse beeleditsweng le wena
Phaello hodima di-debenture
Phaello hodima di-savings account tsa ha jwale
Diabo tsa dishere
Rente e lefuweng ke wena jwalo ka modudi kapa e bokelletsweng ke wena jwalo ka agent
Tjhelete e lefuweng bakeng sa tokelo ya ho ba le thepa
Di-royalty kapa ditefello tse lefuweng bakeng sa ho sebedisa tokelo ya boqapi , moralo, letshwao la kgwebo kapa tokelo ya tshebediso  kapa ho ho fetisa tsebo e amanang le tshebediso ya tokelo ya boqapi mona Afrika Borwa.

Shejulu ya C: Ho fetiswa ha unit trust kapa tokomane efe kapa efe e nngwe ya ditjhelete 

Fana ka dintlha tse latelang tse mabapi le ho fetiswa ha diyuniti kapa ho fetiswa ha tokomane ya ditjhelete lebitsong la motho ofe kapa ofe:

tlhaloso ya yuniti kapa tokomane ya ditjhelete
Palo ya diyuniti kapa ditokomane tse fetisitsweng
Palohare ya boleng bo lekantsweng ba ho fetiswa 
ditjhelete tsohle tsa ho fetiswa hoo.
Paloyohle ya pelo kapa tahlehelo mabapi le ho fetiswa hoo.

Shejulu ya D: Dihlahiswa tsa polasing, patsi, mehlape, di-ore, diminerale kapa mahakwe a bohlokwa le dibonase tse leshwang ditho tsa dikhampani tse sebedisanang mmoho le disosaethi 

Fana ka dintlha tsa:

Dihlahiswa tsohle tsa polasing, patsi, mehlape, di-ore, diminerale kapa mahakwe a bohlokwa a fihletsweng ke wena ka ho a reka, kgwebisano kapa phapanyetsano .
Dihlahiswa tsohle tsa polasing, patsi, mehlape, di-ore, diminerale kapa mahakwe a bohlokwa a rekiswang ke wena jwalo ka agent ya mohlahisi.
Dihlahiswa tsohle, di-ore kapa diminerale tse tsamaiwang ke wena jwalo ka agent e fetisetsang pele bakeng sa mohlahisi ho ya ho di-agent tse ka ntle ho Rephaboliki.
Dibonase tse lefuweng ditho tsa khampani e sebedisang mmoho le disosaethi.

Hodimo

Molao o sebediswang

Income Tax Act, 1962  

Hodimo

Maemo a tshebeletso

Ha ho na nako e beuweng.

Hodimo

Ditjeo

Tshebeletso ena ke mahala.

Hodimo

Diforomo tse tlatsuwang



Return of general information,IT3 
Return of general information schedule .Ha di fumanehe khomputeng. Ikopanye le ofisi e haufi ya lefapha.

Hodimo

Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona


