
Kopo ya ho kgutlisetsa madulong khampani ya ba mmalwa 
Tlhaloso
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona

Tlhaloso

Hang ha khampani ya ba mmalwa  e hlakotswe ngodisong, kopo e ka etsuwa hore e kgutlisetswe madulong, ho itshetlehile tabeng ya hore mekgwatshebetso e hlokahalang e latetswe.

Maemo a CC a tlameha ho netefatswa pele ho Companies and Intellectual Property Registration Office  ) hobane ho ka etsahala hore South African Revenue Service  ) e kentse kopo ya hore khampani ya ba mmalwa  e itseng e hlakolwe ngodisong.

Ho tlameha ho kenngwe dipositi ya R150 khoutung ya moreki mme e tla tloswa akhaonteng ya moreki ka mora ho romela foromo.

Ha o batla Ho o batla ho tseba haholwanyane, e ya ho ba Companies and Intellectual Property Registration Office.

Hodimo

Mehato e latelwang

Ntsha foromo ya kopo ya CK3.
Romela afidaviti , e saennweng ya behwa setempe ke Khomishena ya Dikano , ya motho ofe kapa ofe ya nang le thahasello ya bolelang mabaka a ho etsa kopo ya hore CC e kgutlisetswe madulong

Ha CC e na le thepa efe kapa efe e tsitsitseng, fumana tiiso e ngotsweng ke Department of Public Works  mmoho le National Treasury  ya hore ha ba kgahlanong le hore CC e kgutlisetswe madulong.

Boikemisetso bo jwalo bo tshwanela ho phatlalatswa koranteng ya lehae ho leka ho hlomamisa thahasello ya setjhaba mabapi le ho kgutlisetswa ha CC madulong.

Ha ho na le dikganyetso dife kapa dife tse hlahisitsweng, Registrar of Companies  o tla tshwanela ho tsebiswa ka dikganyetso tse jwalo nakong ya matsatsi a 30 a ho hlakolwa ha ngodiso.

Hodimo

Molao o sebediswang

Close Corporations Act, 1984 , Section 26 , 1984 , Karolo 26 .

Hodimo

Maemo a tshebeletso

Ho kgutlisetsa madulong khampani ya ba mmalwa  ho ka nka matsatsi a 30 ho ya ho a 40.

Hodimo

Ditjeo

R150

Hodimo

Diforomo tse tlatsuwang



Application for restoration of CC-CK3 

Hodimo

Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona


