
Kopo ya ho ingodisa seterekeng sa lona se setjha sa ho vouta
Tlhaloso
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona

Tlhaloso

Bavouti ba ingodisitseng ba tlohileng moo ba neng ba dula teng ba lokela ho ingodisa botjha seterekeng seo sa bona se setjha sa ho vouta. Hona ho tla etsa hore o kgone ho vouta seterekeng sa ho vouta seo o dulang ho sona. O ka ingodisa botjha ofising ya sebaka sa heno ya Khomishene e Ikemetseng ya Dikgetho  kapa ka nako ya ho ingodisetsa ho vouta ya setjhaba jwalo ka ha ho phatlaladitswe ke Khomishene e Ikemetseng ya Dikgetho.



Hodimo

Mehato e latelwang

Iteanye le ba Khomishene e Ikemetseng ya Dikgetho  nomorong ena ya mahala 0800 11 8000 mme o ba nehe aterese e ntjha ya moo o dulang.
Ba Khomishene e Ikemetseng ya Dikgetho ba tla be ba se ba ho bontsha ofisi e nepahetseng eo o tla ingodisa ho yona.
Hlahisa tokomane ya boitsebiso e nang le metsero  ofising ya ho ingodisa.
Tlatsa foromo ya kopo eo o tla e nehwa ofising ya ho ingodisa.

Hodimo

Molao o sebediswang



Electoral Commission Act, 1996  Molao wa Khomishene ya Dikgetho
Molao wa Motheo
Electoral Act, 1998  Molao wa Dikgetho
Local Government: Municipal Structures Act, 1998  Mmuso wa Selehae: Molao wa Dibopeho tsa Bomasepala
Local Government: Municipal Demarcation Act, 1998  Mmuso wa Selehae: Molao wa Ho Sehwa ha Meedi ya Bomasepala
Local Government: Municipal Electoral Act, 2000  Mmuso wa Selehae: Molao wa Dikgetho tsa Bomasepala

Hodimo

Maemo a tshebeletso

O tla ngodiswa ka potlako.

Hodimo

Ditjeo

Tshebeletso ena ke mahala.

Hodimo

Diforomo tse tlatsuwang

Diforomo di fumaneha diofising tsa ngodiso.

Hodimo

Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona


