

Tefiso hape ya dithuso tsa setjhaba

Tlhaloso
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona

Tlhaloso

Ha o fumana thuso kapa tjhelete eo o sa tshwanelang ho e fumana, o tla lokela ho e kgutlisetsa hape ho mmuso, ntle le haebe ba Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba ba kgotsofetse hore o ne o sa tsebe hore o lokela ho e fumana. Nqeng ena thuso eo ya setjhaba e tla fediswa kapa e hlakolwe, jwalo ka ha e tla nkuwa e le bomenemene.

Na tshebeletso ena e sebetsa ho bo mang?

Batho ba fumaneng dithuso tsa setjhaba empa ba ne ba sa tshwanela
Mabaka a ka sehloohong a ho emiswa ha dithuso:
Ho hlokahala. Ha thuso e lefuwe motho ya hlokahetseng, tjhelete e tla batlwa ho tswa ho bajalefa ba hae.
Ho kengwa institjhusheneng ya mmuso
Ha thuso e sa tleleimuwa bakeng sa dikgwedi tse tharo tse latelanang.
Ha motho a le siyo Afrika Borwa bakeng sa nako ya bolelele ba dikgwedi tse ka hodimo ho tsheletseng tse latelanang.

Hodimo

Mehato e latelwang

Ha o ka lemoha hore o fumana thuso eo o sa tshwanelang ho e fumana, o lokela ho tsebisa ofisi ya Thuso ya Setjhaba e haufi le wena.

Hodimo

Molao o sebediswang



Social Assistance Act, 2004  

Hodimo

Maemo a tshebeletso

Lefapha le tla hlakola palo e kolotwang ha le ka kgotsofala hore o ne o sa tsebe hore o tshwaneleha ho fumana tjhelete eo.
Molaodi Kakaretso wa Lefapha ka ho sebedisa kgetho ya hae a ka tswela pele ka qoso ya semolao kgahlanong le motho.
Molaodi Kakaretso wa Lefapha a ka dumella tefello hore e tswele pele bakeng sa nako e itseng tlasa dipehelo tse ding tse itseng tse tla behwa ke motho ya batlang ho kgutlisa thuso. Kopo e lokelwa ho etswa matsatsing a 90 a ho emiswa ha thuso eo ya setjhaba.
Ha motho a batla ho lekola botjha thuso ya setjhaba e fedisitsweng, o lokela ho phatlalatsa ka kuno efe kapa efe eo a e fumanang ka nako eeo a etsang kopo botjha. Hona ho tla bopa motheo oo ho ona Lefapha le tla etsa qeto ya hore na le lekola botjha thuso kapa tjhe. Mokopi o tla tsebiswa ka sephetho sa kopo dikgweding tse 3 pele ho nako ya tekolo botjha kapa letsatsi leo setifikeiti se teswang ka lona.

Hodimo

Ditjeo

Tshebeletso ena ke mahala.

Hodimo

Diforomo tse tlatsuwang

Diforomo di fumaneha diofisng tse haufi tsa Ntshetsopele ya Setjhaba.

Hodimo

Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona


