
Kopo ya ho ntjhafatsa kapa ho hlakola ngodiso ya moriana wa tsa temo
Tlhaloso
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona

Tlhaloso

Meriana yohle ya tsa temo e amohelwang e le ditswantle, e entsweng, e hlahisitsweng kapa e rekiswang mona Afrika Borwa e tlameha ho ngodiswa ho Registrar : Act 36 of 1947 .

Selemo le selemo ofisi ya Mongodisi e romela mangolo mabapi le ntjhafatso le diforomo tsa kopo ho bohle ba nang le ngodiso.

Hodimo

Mehato e latelwang

Dintjhafatso:

tlatsa foromo ya kopo  ka dikopi tse tharo mme o ngole ka ho arohanya ditlhaku o ngole ka ditlhaku tse kgolo feela
romela kopo ho Mongodisi: Act 36 of 1947 
letsatsi la ho qetela la dintjhafatso ke la 30 Phupjane .

Ditlhakolo:

tlatsa Form B ka dikopi tse tharo mme o ngole o arohanya ditlhaku o sebedisa ditlhaku tse kgolo feela
romela lengolo la bopaki la ngodiso ya sethatho.

Dintlha tsa mokopi:

tlatsa Form C ho ntjhafatsa rekoto ya mongodisi ya tlhahisoleseding ya dikgokahano, mohlala, aterese, nomoro ya founu, le motho wa dikgokahano.


Hodimo

Molao o sebediswang

Fertilizers, Farm Feeds, Agricultural Remedies and Stock Remedies Act, 1947  

Hodimo

Maemo a tshebeletso

Dintjhafatso di etsuwa ha ho fumanwe tefo.

Hodimo

Ditjeo

R2 480

Hodimo

Diforomo tse tlatsuwang

Selemo le selemo ofisi ya Mongodisi e romela mangolo mabapi le ntjhafatso le diforomo tsa kopo ho bohle ba nang le ngodiso.

Hodimo

Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona


