
Kopo ya ntjhafatso kapa ho hlakolwa ha menontsha
Tlhaloso
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona

Tlhaloso

Menontsha yohle e rekwang ho tswa ka ntle, e hlahiswang kapa e rekiswang mona Afrika Borwa e lokela ho ngodiswa le Rejistra wa Molao wa 36 wa 1947.

Ntjhafatso ya ngodiso e tla fuwa ha feela nakong ya ngodiso ntjhafatso kapa ngodiso e ka mokgwa ona o latelang:

ditlhophiso tsa phepelo ya dijo tsa polasing ha di fapohe ditlhophisong tse ngodisitsweng
dintlha le mantswe a ananetsweng bakeng sa leibole kapa setshelo a ke ke a fetolwa pele ntle le tumello e ngotsweng fatshe ya Rejistra
dipehelo tse beuweng ka nako ya ngodiso di a latelwa
ngodiso e amehang e ke ke ya transferwa
boholo ba mokotla kapa setshelo bo ke ke ba fetolwa pele ho tumello e ngotsweng fatshe ya Rejistra.

Ofisi ya Rejistra selemo le selemo e tla romela mangolo a ntjhafatso mmoho le diforomo tse tshwanetseng ho bohle ba ngodisitsweng.

Hodimo

Mehato e latelwang

Ntjhafatso:

tlatsa foromo ya kopo  di be tharo mme o hatise ka ho sebedisa ditlhaku tse kgolo feela
romela kopo ho Rejistra wa Molao wa 36 wa 1947
nako ya ntjhafatso ke la 1 Phato ho ya ho la 30 Tshitwe.



Ho hlakolwa:

tlatsa foromo ya B di be tharo mme o hatise o sebdisa ditlhaku tse kgolo feela
romela setifikeiti sa mantlha sa ngodiso.



Dintlha tsa mokopi:

foromo ya C e lokelwa ho tlatswa mme romelwe le foromo ya A.


Hodimo

Molao o sebediswang

Fertilizers, Farm Feeds, Agricultural Remedies and Stock Remedies Act, 1947  

Hodimo

Maemo a tshebeletso

Ntjhafatso e etswa feela ka mora ho fumana tefello.

Hodimo

Ditjeo

R1 210

Hodimo

Diforomo tse tlatsuwang



Application for renewal of registration of farm feed: Form A 
Cancellation: Form B 
Details of applicant: Form C 

Hodimo

Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona


