
Kopo ya ho ntjhafatsa tumello ya phoofolo bakeng sa ho bokella lero la botona
Tlhaloso
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona

Tlhaloso

Motho ya nang le lengolo la bopaki ba tumello ya phoofolo jwalo ka mofani wa lero la botona, a ka etsa kopo ho Registrar of Animal Improvement  bakeng sa ho ntjhafatsa ngodiso.

Hodimo

Mehato e latelwang

Laolla foromo ya kopo ho inthanethe mme o e tlatse ka ho arohanya ditlhaku o sebedisa ditlhaku tse kgolo. Foromo hape e ka kotjwa ho Registrar of Animal Improvement .
Ngaka ya diphoofolo e tlameha ho paka hore phoofolo e amohelehile mabapi le:

maemo a bophelo ka bophara
ho hloka bolwetsi
boleng ba lero la yona la botona.



Dikopo di tlameha ho finyella ho Mongodisi ho sa feta matsatsi a 30 pele ho letsatsi la ho fellwa ha tumello. Ha kopo e fumanwa nakong ya matsatsi a 90 ka mora letsatsi la ho fellwa, tefiso e ekeditsweng e balletsweng e tlameha ho lefshwa.
Etsa tjheke kapa otoro ya poso e lefuwang ho: The Director-General: Agriculture.
Dintlha tsa banka ke:
Standard Bank
Lekala: Arcadia
Nomoro ya Akhaonte: 011219556
Khoutu ya lekala: 000845/010845
Romela kopo ho:
The Registrar of Animal Improvement
Private Bag X138
Pretoria
0001

Hodimo

Molao o sebediswang



Animal Improvement Act, 1998  

Hodimo

Maemo a tshebeletso

Ntjhafatso ya ngodiso e ka nehelwa nakong ya matsatsi a 30.

Hodimo

Ditjeo

Tshebeletso ke ya mahala.

Hodimo

Diforomo tse tlatsuwang



Application for renewal of approval for collection of animal semen

Hodimo

Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona


