

Kopo ya motho ya tjhonneng ya ho busetswa madulong

Tlhaloso
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona

Tlhaloso

Motho ya tjhonneng ke mokoloti eo leruo la hae  di ba tlasa kgapo ka molao . Ha o nyetse/nyetswe ka kopanelo ya propati mme molekane wa hao a tjhona, Insolvency Act, 1936 , o nka hore le wena o ya tjhonneng.

Ha motho ya tjhonneng a batla ho tadingwa jwalo ka ya seng a sa tjhona nakong ya dilemo tse leshome a neng a phatlaladitswe a tjhonne, a ka etsa kopo ya ho busetswa madulong.

Ke mang ya ka etsang kopo ya ho busetswa madulong?

motho ya tjhonneng ka boyena
akgente e matlafaditsweng ka molao ya motho ya tjhonneng, ha motho ya tjhonneng a sa dule Afrika Borwa
mohlolo kapa mohlolohadi wa motho ya tjhonneng, ha ba ne ba nyalane ka kopanelo ya propati
molekane wa mehleng wa motho ya tjhonneng, ha ba ne ba nyalane ka kopanelo ya propati
balaodi ba mafa ba leruo la mofu ya tjhonneng.

Ke ka pele hakae ka mora ho hapelwa matla a taolo ya leruo moo motho ya tjhonneng a ka etsang kopo ya ho busetswa madulong?

Ka nako efe kapa efe:

hang ha ditseko tsohle tsa ba kolotwang le ditefiso tsa ho hapa taolo di lefuwe ka botlalo kapa
ha motho ya tjhonneng a entse nehelo ya sebopeho e amohetsweng ke dikotara tse tharo tsa batho ba kolotwang ke yena ka palo le boleng, mme motho ya tjhonneng mohlomong a entse tefo kapa a nehelane ka tshireletso.



Ka mora dikgwedi tse tsheletseng:

ha, nakong ya dikgwedi tse tsheletseng, ha ho ditseko tse ileng tsa pakwa kgahlanong le leruo la motho ya tjhonneng, mme tlasa dipehelo tsa hore:

lena ke lekgetlo la pele motho ya tjhonneng a nkelwa matla a taolo le
motho ya tjhonneng ha a ka a ahlolelwa ditlolomolao tse itseng.




Ka mora dikgwedi tse leshome le metso e mmedi ho tloha letsatsing leo Master  a tiisang ka akhaonte ya pele ya traste ya leruo tlasa dipehelo tsa hore:

lena ke lekgetlo la pele motho ya tjhonneng a nkelwa matla a taolo le
motho ya tjhonneng ha a ka a ahlolelwa ditlolomolao tse itseng.



Ka mora dilemo tse tharo ho tloha letsatsing leo Master a tiisang ka akhaonte ya pele ya traste ya leruo:

ha motho ya tjhonneng a se a hapetswe matla a taolo ho feta lekgetlo le le leng
empa tlasa pehelo ya hore motho ya tjhonneng ha a ka a ahlolelwa ditlolomolao tse itseng.



Ka mora dilemo tse hlano:

maemong ao motho ya tjhonneng ya ileng a ahlolelwa ditlolomolao tse itseng.



Ka mora dilemo tse leshome:

ha dilemo tse leshome di fetile, motho ya tjhonneng o tla nkuwa a kgutletse madulong ntle le ha lekgotla le laela ka mokgwa o mong ho latela kopo ya motho ya nang le thahasello. Kopo ena e tlameha ho etsuwa nakong ya dilemo tsa leshome.


Hodimo

Mehato e latelwang

Ha o a tshwanela ho etsa kopo ya ho busetswa madulong ka bowena, empa o tla hloka thuso ya molao.
Hokahana le leqwetha kapa ofisi ya Master ho fumana tlhahisoleseding e eketsehileng le thuso.

Hodimo

Molao o sebediswang



Insolvency Act, 1936  

Insolvency Amendment Act, 1995  


Hodimo

Maemo a tshebeletso

Qoqa ka bolelele ba nako ya kopo le leqwetha la hao.

Hodimo

Ditjeo

Qoqa ka ditefiso le leqwetha la hao.

Hodimo

Diforomo tse tlatsuwang

Ha ho diforomo tse tlatswang.

Hodimo

Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona

Hokahana le leqwetha la hao kapa di Master of High Court.


National Office: Customer Care
Tel: 012 - 315 1207
Fax: 086 514 1174
Email: Chiefmaster@justice.gov.za
Postal Address: Private Bag X81, Pretoria , 0001
Physical Address: 3rd Floor, South Tower, Momentum Centre, 329 Pretorius Street, , Pretoria


