﻿

Kopo ya ngodiso ya tshireletso ya seqatjwa/tlhahiso



Tlhaloso

Tshireletso ya seqatjwa/ tlhahiso ke tokelo e ikgethang e nehelwang bakeng sa qapo. Qapo e jwalo e tlameha ho ba sehlahiswa kapa tshebetso e nehelanang ka mokgwa o motjha wa ho etsa ntho e itseng, kapa e nehelang ka tharollo e ntjha ya botegniki bakeng sa qaka.

Tshireletso ya seqatjwa /tlhahiso ke tshireletso ya qapo bakeng sa monga tshireletso ya seqatjwa. Tshireletso e nehelwa bakeng sa nako e nang le moedi, ka kakaretso dilemo tse 20. Tshireletso ya seqatjwa e bolela hore qapo e ke ke ya sebediswa bakeng sa kgwebo, ya sebediswa, ya phatlalatswa kapa ya rekiswa ntle ho tumello ya monga yona.

Ha o batla ho tseba haholwanyane, e ya ho Companies and Intellectual Property Registration Office.

Mehato e latelwang

Hokahana le Companies and Intellectual Property Registration Office.
Fumana diforomo tsa kopo tse hlokahalang  ofising ya Mongodisi wa Tshireletso ya Diqatjwa.
Tlatsa diforomo  mme o di romele ofising ya Company and Intellectual Registration 
Nehelana ka kopi e tiiseditsweng ya bukana ya hao ya boitsebiso.
Kenya kopo ya nakwana foromong e tshwanelehileng - ketso ena e ka etsuwa ke mokopi ka thuso kapa ntle le thuso ya leqwetha.
Kenya kopo e feletseng – ena e tlameha ho etsuwa ka leqwetha la tshireletso ya seqatjwa.
Kenya kopo ya Patent Co-operation Treaty   .

Molao o sebediswang

South African Patents Act, 1978  

Maemo a tshebeletso

Tshireletso ya seqatjwa ya nakwana e nka dikgwedi tse pedi ho ngodiswa.
Kopo e feletseng e nka dikgwedi tse ka bang tshelela ho qetwa.

Ditjeo

R60 bakeng sa tshireletso ya seqatjwa ya nakwana
R266 bakeng sa tshireletso ya seqatjwa e feletseng

Diforomo tse tlatsuwang

P1:  Application for a Patent and Acknowledgement of Receipt  and submitted in duplicate 
P2:  Register of Patents , submitted in duplicate , e nehelw ka dikopi tse pedi)
P3:  Declaration of Power of Attorney , 1 only submitted 
P6:  Provisional Specification , 1 only submitted 

Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona



