

Kopo ya ho ingodisa bakeng sa ho ba motho ya lefang lekgetho kapa ho tjhentjha dintlha tse ngodisitsweng tsa lekgetho la kuno

Tlhaloso
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona

Tlhaloso

Motho ofe kapa ofe ya tshwanelehang ho ingodisa ho ba molefi wa lekgetho le ba Ditshebeletso tsa Lekgetho tsa Afrika borwa South African Revenue Service , o lokela ho romela kopo ya ho ingodisa ofisng ya habo ya lekala le haufi la SARS matsatsing a 60 hang ho ba a tshwanelehe.

Ha aterese ya motho e tjhentjha ka mora ho ingodisa le SARS ho ba molefi wa lekgetho, yena o lokela ho neha SARS dintlha tse ntjha tsa aterese matsatsing a 60 ka mora letsatsi la ho tjhentjha ha dintlha tseo.

Polelo ya Lekgetho la Kuno e rometsweng ho SARS selemo le selemo le yona e lokisetsa phetolo ya aterese, dintlha tsa banka le dintlha tse ding hape tsa hao. Bongata ba ditsebiso le dipoleo tsa SARS bo lokisetsa diphetolo tsa dintlha tsa aterese. Diphetolo tse jwalo ka tseo di tla ntjhafatswa ho mokgwatshebetso o tshwanelehileng wa SARS ha tsebiso kapa poelo e romelwa ho ya sebetswa.

Hodimo

Mehato e latelwang

Tlatsa lesedi lohle le hlokehang jwalo ka ha ho batleha foromong ya kopo ha o ngodisa ho ba motho ya tla lefa lekgetho le ba Ditshebeletso tsa Lekgetho tsa Afrika Borwa .
Etsa bonnete ba hore dintlha tsa hao ka seqo jwalo ka ha di hlahella ditsebisong kapa dipoelong  tse fumanwang ho tswa SARS di nepahetse. Ha dintlha tseo di hlahisitswe di sa nepahala, ela hloko dintlha tse nepahetseng tsebisong e tshwanetseng kapa poelong pele o e romela ho SARS.
Etsa diphetoho dintlheng tsa hao kapa atereseng ka ho latela metjha e latelang:

romela dikopo tseo o di entseng ka matsoho bakeng sa diphetoho ofising ya lekala le haufi le la SARS
etsa dikopo ka mohala ho call centre e tshwanetseng ya SARS
romela fekse ho call centre e tshwanetseng ya SARS kapa ofising ya lekala le haufi le la SARS.


Hodimo

Molao o sebediswang

Income Tax Act, 1962  

Hodimo

Maemo a tshebeletso

Letho.

Hodimo

Ditjeo

Tshebeletso ena ke mahala.

Hodimo

Diforomo tse tlatsuwang

.

Application for registration as a taxpayer or changing of registered particulars, IT 77 

Hodimo

Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona


