
Kopo ya ho ngodisa jwalo ka subscriber ho Internet-based Registration Information System 
Tlhaloso
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona

Tlhaloso

Deeds registry e buletswe motho e mong le e mong ho tswa setjhabeng hore a kgone ho fumana tlhahisoleseding. Basebedisi ba DeedsWeb ba ka fumana hona ho latelang online ho tswa weposaeteng:

Tlhahisoleseding e mabapi le ngodiso ya thepa e sa sutheng, e jwalo ka ho latelang:

mabitso, dintlha tsa boitsebiso le maemo a lenyalo a beng ba ngodisitsweng
palo ya dithibelo tse ngotsweng fatshe kgahlanong le batho le thepa
dintlha tsa ho transferwa ha thepa, ho kenyelletswa le mehla ya ngodiso le theko ya yona
dintlha tsa di-mortgage bond, ho kenyelletswa le mabitso a ba nang le di-mortgage le palo ya tjhelete

Dikhopi tsa elektroniki  tsa di-microfilmed deeds le ditokomane

Bakeng sa ho fumana dintlha tsena, o lokela ho ba subscriber e ngodisitsweng ya Deedsweb ka ha ho na le tefello e beuweng e lefiswang. 

Hodimo

Mehato e latelwang

E ya weposaeteng ya www.deeds.gov.za . Ho na le lenane leo o ka kgethang ho lona ho web page.
Kgetha "Register as a new user" ka ho tobetsa kgethong. Ho tla buleha leqephe le letjha le nang le foromo ya kopo sekirining sa hao.
Tlatsa foromo ya ngodiso online.
Tobetsa ho "Submit your application" ha o se o kgotsofetse hore o tlatsitse foromo ka nepo.
O tla fuwa lebitso la mosebedisi. Hona e tla ba nomoro ya hao ya akhaonte bakeng sa merero yohle ya ditjhelete. O tla nehwa hape le password  leo o lokelang ho le tjhentjha ka potlako ka mora moo.
Lefa tjhelete ya ngodiso. Ditaelo tsa banka le dintlha di hlahella weposaeteng.
Hang ho ba o kenye tefello ya ngodiso akhaonteng ya banka ya Chief Registrar of Deeds, letsetsa Ofising ya Chief Registrar ho ba tsebisa hore o lefile. Nomoro ya moo o ka iteanyang le bona e fumaneha weposaeteng.

ofisi ya Chief Registrar e tla kenya akhaonte ya hao tshebetsong mme o tla kgona ho fumana tlhahisoleseding weposaeteng.
mafelong a kgwedi e nngwe le e nngwe o tla fumana setatemente. Setatemente sena hape se fumaneha weposaeteng ho etsa hore o kgone ho bona ditefiso le ho o hopotsa hore o lefe akhaonte.


Hodimo

Molao o sebediswang

Deeds Registries Act, 1937  

Hodimo

Maemo a tshebeletso

Hang ho ba o ngodiswe, tlhahisoleseding e fumaneha ka potlako.

Hodimo

Ditjeo

Tefello ya ngodiso: R240
Tefello ya tsamaiso ka kgwedi: R10
Ho phenyekolla: bonyane ba R1, boholo ba R3 ka ho ya ka sekala se yang hodimo se amahantsweng le palo ya ho phenyekolla ho entsweng hara kgwedi
Ho phenyekolla ho sa bang le katleho: R1
Tefello ya ho hokelwa hape haebe akhaonte e saletse morao mme ya emiswa ka mora matsatsi a 30: R80

Hodimo

Diforomo tse tlatsuwang

Foromo ya ngodiso e ka fumanwa online atereseng ena DeedsWeb

Hodimo

Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona


