
Ingodise bakeng sa ho vouta
Tlhaloso
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona

Tlhaloso

Bakeng sa ho dumellwa ho ho vouta dikgethong tsa naha, profensi kapa tsa mmasepala o lokela ho ingodisa sedikeng sa ho vouta sa moo o dulang. Ntlha ena ke ya bohlokwa haholo bakeng sa dikgetho tsa mmasepala hobane o dumeletswe ho vouta feela sedikeng sa ho vouta moo o ngodisitsweng teng. Hang ha o se o ingodisitse mme dintlha tsohle tsa hao di netefaditswe Registareng ya Setjhaba, lebitso la hao le tla kenyeletswa Lenaneng la Bakgethi la Naha.

Bakeng sa ho dumellwa o lokela hoba:

moahi wa Afrika Borwa
dilemo tse 16 kapa ho feta
le tokomane ya boitsebiso ya Afrika Borwa .

Lenane la Bakgethi le kwalwa bakeng sa dikgetho ka letsatsi le hlalositsweng la dikgetho ho ya ka phatlalatso e etswang Koranteng ya Mmuso.

Hodimo

Mehato e latelwang

Ingodise ka bo wena seteisheneng sa ho vouta sedikeng sa ho vouta moo o dulang nakong ya boingodiso ba dikgetho bo akaretsang.
Ingodise ka nako efe kapa efe ya dihora tsa tshebetso Khomishining e Ikemetseng ya Dikgetho ya heno.
Etla le tokomane ya hao ya boitsebiso.
Tlatsa foromo e loketseng ya kopo.
Mohlanka wa ngodiso o tla kgomaretsa setika tokomaneng ya hao ya boitsebiso se nang le nomoro ya sedika sa ho voita sa heno.

Hodimo

Molao o sebediswang



Electoral Commission Act, 1996  
Constitution of the Republic of South Africa, 1996) 
Electoral Act, 1998  
Local Government: Municipal Structures Act, 1998  
Local Government: Municipal Demarcation Act, 1998  Mmuso wa Lehae: Molao wa Meedi ya Bommasepala, 1998)
Local Government: Municipal Electoral Act, 2000  

Hodimo

Maemo a tshebeletso

Kopo ya hao ya ho ingodisa e tla sebetswa hang hang.

Hodimo

Ditjeo

Tshebeletso ke ya mahala.

Hodimo

Diforomo tse tlatsuwang

Diforomo di ya fumaneha diofising tsa boingodiso.

Hodimo

Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona


