

Kopo ya ngodiso ya mokgatlo o sa etseng dipoelo



Tlhaloso
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona

Tlhaloso

Mekgatlo e sa etseng dipoelo ke dikhampani tse ngodisitsweng hore di fane ka ditshebeletso kapa di ntshetse pele dikgahleho tsa setjhaba, me maikemisetso a tsona e se ho etsa dipoelo. Bongata ba di-NGO  e leng mekgatlo e seng tlasa mmuso, mekgatlo ya bodumedi le ya thekolohelo e wela tlasa sehlopha sena.

Ka kakaretso mekgatlo e sa etseng dipoelo e fana ka ditshebeletso baahing ba fapaneng ba jwalo ka dikimi tse fepang bana, mekgatlo e hlokomelang dikgutsana tsa AIDS, mekgatlo ya bodumedi, jj. Tjhelete efe kapa efe eo ba e etsang ka mora ho lefela ditshenyehelo tsa bona tsa tshebetso, e sebedisetswa ho atolosa ditshebeletso tsa bona.

Mekgatlo ena hangata e fumana dithuso tsa ditjhelete tsa dineelo le ditjhelete tse tswang dinaheng tse ka ntle, mme yona e ngodisitswe ka ho ya ka Karolo ya 21 ya Molao wa Dikhampani, 1973 . Khampani ya Karolo ya 21 e lokela ho ba le bonyane ditho tse supileng le bonyane balaodi ba babedi.

Jwalo ka ha tshebetso ya ho ngodisa mokgatlo o sa etseng dipoelo e le o rarahaneng, ho kgothaletswa hore ho fumanwe ditshebeletso tsa maqwetha. Ho tshwanetswe hore ho hlahiswe Memorandum le Articles tsa khampani mme di lokiswe ka mokgwa o tla tsamaelana le khampani ntle le share capital di tiisetswe ke notary public eo e leng profeshenale ya molao.

Ha o batla ho tseba haholwanyane, e ya dikantorong tsa Companies and Intellectual Property Registration Office

Top

Mehato e latelwang

Iteanye le ba Lefapha la Kgwebo le Indasteri.
Tlatsa mefuta e fapaneng ya diforomo tse tshwanetseng tsa kopo tse fumanwang lefapheng la Kgwebo le Indasteri. Lenane la diforomo tsa kopo le mona ka tlase.

Top

Molao o sebediswang

Companies Act,  Molao wa Dikhampani
Business Names Act,  Molao wa Mabitso a Dikgwebo

Top

Maemo a tshebeletso

Ho ka nka matsatsi a fihlang ho a mahlano ho sebetsa kopo ya hao.

Top

Ditjeo

Memorandum and Articles: R350
Peeletso ya lebitso: R50

Top

Diforomo tse tlatsuwang

FormsToCompleteText

Top

Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona


