
Kopo ya ngodiso jwalo ka akgente ya setswantle bakeng sa disebediswa tsa lefutso la diphoofolo
Tlhaloso
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona

Tlhaloso

Akgente ya tumello ya setswantle bakeng sa disebediswa tsa lefutso la diphoofolo e tlameha ho ngodisa ho Registrar of Animal Improvement  pele e ka amohela diphoofolo tsa ditswantle kapa disebediswa tsa lefutso tse kang di-embryo, di-ova kapa lero la botona mona Afrika Borwa.

Akgente ya setswantle e tlameha ho latela dintho tse latelang:

seahelo se tlameha ho ba le disebediswa tsohle tse balletsweng bakeng sa ho sebetsa ka disebediswa tsa lefutso tsa diphoofolo
laboratori le seahelo sa lekgetho la ditswantle sa ho nnetefatsa se tlameha ho latela maemo a tlase a balletsweng
bahiri ba tlameha ho tshwaneleha ho sebetsana le lero la botona.

Hodimo

Mehato e latelwang

Laolla foromo ya kopo ho inthanethe mme o e tlatse ka botlalo ka dikopi tse pedi. Foromo hape e ka kotjwa ho Registrar of Animal Improvement .
Dikopo tse sa tlatswang ka botlalo di tla kgutlisetswa ho mokopi.
Kopo e tshwanela ho tiiswa ke ngaka ya diphoofolo e nehilweng matla a ho etsa jwalo ke South African Veterinary Authority .
Tefello e nepahetseng e tlameha ho felehetsa kopo ka nngwe. Etsa tjheke kapa otoro ya poso e lefuwang ho: The Director-General: Agriculture. Dintlha tsa banka ke:
Standard Bank
Lekala: Arcadia
Nomoro ya Akhaonte: 011219556
Khoutu ya lekala: 000845/010845
Romela kopo ho:
The Registrar of Animal Improvement
Private Bag X138
Pretoria
0001

Hodimo

Molao o sebediswang



Animal Improvement Act, 1998  

Hodimo

Maemo a tshebeletso

Kopo e ka nka matsatsi a 30 hore e hlophiswe.

Hodimo

Ditjeo

R104

Hodimo

Diforomo tse tlatsuwang



Application for registration as an import agent for animal genetic material 

Hodimo

Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona


