﻿

Kopo ya ngodiso jwalo ka molefi wa lekgetho la tumellano ya nakwana

Tlhaloso
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona

Tlhaloso

Molefi wa lekgetho la tumellano ya nakwana a ka hlaloswa ka mokgwa o latelang:

motho ofe kapa ofe  ya fumanang tjhelete, ntle le ho moputso
molaodi ofe kapa ofe wa khampani e poraefete, ha molaodi ya jwalo wa khampani e jwalo e le moahi wa Afrika Borwa – ntle le ha Khomishenara wa South African Revenue Service   a laela ka mokgwa osele
setho sefe kapa sefe sa close corporation  ha setho se jwalo e le moahi wa Afrika Borwa – ntle le ha Khomishenara a laela ka mokgwa osele
khampani efe kapa efe
motho ofe kapa ofe ya tsebiswang ke Khomishenara hore ke molefi wa lekgetho la tumellano ya nakwana.

Moo khampani e sa kang ya hula lekgetho la basebetsi ho molaodi, ha a a tshwanela ho sebedisa ditefo tse jwalo tsa lekgetho la basebetsi ha a hlomamisa tlamo ya hae ya lekgetho la tumellano ya nakwana.

Motho ofe le ofe ya nang le tlamo ya ho lefa lekgetho la tumellano ya nakwana o tlameha hore, nakong ya matsatsi a 30 a ho ba le tlamo, a etse kopo e ngotsweng ya ho ngodisa ofising ya lekala la lehae ya SARS. Ho hloleha ho etsa jwalo ho tla ba le sephetho sa tswala le dikotlo tsa ho lefa ka mora nako le lekgetho le ekeditsweng la ho romela ka mora nako ditlaleho tsa tshebetso.

Batho ba latelang ha ba a lebellwa hore ba lefe lekgetho la tumellano ya nakwana.

motho ofe kapa ofe eo kuno ya hae e tswang feela ho moputso
motho ofe kapa ofe eo kuno ya hae e sa feteng moedi wa lekgetho, e leng R43 000 bakeng sa batho ba ka tlasa dilemo tse 65, le R69 000 bakeng sa batho ba ka hodimo ho dilemo tse 65
motho ofe kapa ofe, eo, ntle le ho kuno e fumanwang ho moputso, a fumanang kuno ya letsete e sa feteng R18 000 bakeng sa batho ba ka tlasa dilemo tse 65 kapa R26 000 bakeng sa batho ba ka hodimo ho dilemo tse 65 Tswala ya baditjhaba le dikabelo di na le tesello feela ho fihlela ho R3 000 ho tswa ho paloyohle ya tesello
motho ofe kapa ofe ya nang le dilemo tse 65 kapa tse ka hodimo o na le tesello ho tefo ya lekgetho la tumellano ya nakwana ha:

kuno e lefellwang lekgetho ya selemo sa lekgetho e sa fete R80 000 mme e kenyeletsa moputso, penshene, tswala, dikabelo kapa tjhelete ya ho hirisa mme
e se molaodi wa khampani e poraefete kapa setho sa koporasi ya batho ba mmalwa mme
a sa tsamaisi kgwebo efe kapa efe.


IRP 12 Guidelines  di fupere tlhahisoleseding e eketsehileng ka sehlooho sena.

Hodimo

Mehato e latelwang

Romela kopo ya ho ngodisa jwalo ka molefi wa lekgetho la tumellano ya nakwana ofising e haufi ya lekala la SARS ka lengolo la moralo ona. Lengolo le tlameha ho bolela letsatsi leo o bileng le tlamo bakeng sa maikemisetso a Provisional Tax .

Hodimo

Molao o sebediswang

Income Tax Act, 1962  – Fourth Schedule 

Hodimo

Maemo a tshebeletso

Ha ho nako e behilweng bakeng sa tshebeletso ena.

Hodimo

Ditjeo

Tshebeletso ke ya mahala.

Hodimo

Diforomo tse tlatsuwang

Kopo e tlameha ho romelwa ka mokgwa wa lengolo.

Hodimo

Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona


