

Kopo ya ngodiso jwalo ka akgente ya CIPRO



Tlhalaso

Company and Intellectual Property Registration Office  ke motho ofe kapa ofe kapa kgwebo e bapalang tema ya boemedi pakeng tsa moreki le Companies and Intellectual Property Registration Office  . Ho hlokalaha hore diakgente di ngodise ho CIPRO. Ho na le mefutafuta ya diakgente tse teng mona Afrika Borwa, tse kang maqwetha, difeme tsa molao, dibanka, bahlahlobi ba dibuka tsa ditjhelete, dikgwebo tse ding le batho ba ikemetseng.

Mekga yohle e sebedisanang kapa e hlokang tshebedisano le Registrar of Companies and Close Corporations  kgafetsa e tshwanela ho ngodisa jwalo ka diakgente tsa CIPRO. Ha o se o ngodisitse, ha ho hlokehe hore o ngodise hape; o tla kenngwa jwalo ka akgente hape mme o ke ke wa lahlehelwa ke khoutu ya hao ya boakgente.

Ho ngodisa, o tla lebellwa hore o lefe depositi e ka busetswang ho wena akhaonteng ya CIPRO. Ka mora ho amohelwa ha tiiso ya ngodiso ya hao, akhaonte e tla kenngwa tshebetsong mme e lokele ho sebetsa. Ditefo tsa ho hlahloba le ho hatisa Setefikeiti sa Khampani kapa Khampani ya ba Mmalwa  e ngodisitsweng ke R30 bakeng sa setefikeiti ka seng. Hona ho tla ba akhaonteng ya depositi e hoketsweng ho khoutu ya hao ya boakgente, e tla sebediswa ka ho iketsahalla ho o romella molato mafelong a kgwedi.

Ha o batla ho tseba haholwanyane, e ya ha ba Companies and Intellectual Property Registration Office 

Mehato e latelwang

Nehelana ka kopi ya Bukana ya hao ya Boitsebiso .

Molao o sebediswang

Ha ho seahelo sa molao se laolang tshebeletso ena.

Maemo a tshebeletso

Kopo e sebetswa hona letsatsing leo.

Ditjeo

Ditefo tsa ho hlahloba le ho hatisa Setefikeiti sa Khampani kapa Khampani ya ba Mmalwa  e ngodisitsweng ke R30 bakeng sa setefikeiti ka seng.

Diforomo tse tlatsuwang

Amended founding statement, CK2 
Amended founding statement in respect of accounting officer and addresses, CK2A 

Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona


