﻿

Kopo ya ho ngodisa khampani e poraefete

Tlhaloso

Khampani e poraefete ke seahelo sa kgwebo seo beng ba sona e leng beng ba diabo mme diabo tsa bona di ke ke tsa rekisetswa setjhaba. Ho ya ka Companies Act, 1973,  khampani e poraefete e tlameha ho ba le beng ba diabo ho tloha bonyane ho a le mong ho ya ho ba 50. Hangata beng ba diabo ba bitswa balaodi bakhampani.

Dikhampani tse poraefete tse ngodisitsweng di nehwa boemo ba Proprietary Limited  kapa " Ltd".

Ho o batla ho tseba haholwanyane, e ya ho ba Companies and Intellectual Property Registration Office

Mehato e latelwang

Mokgwatshebetso wa ngodiso ya khampani ya bohle kapa e poraefete o kenyeletsa ditshebetso tse tebileng. Ka lebaka la marangrang a mekgwatshebetso e kenyeleditsweng, ditshebeletso tsa maqwetha di tlameha ho sebediswa tshebetsong ya ngodiso.

Hokahana le Companies and Intellectual Property Registrattion Office.
Tlatsa diforomo tse latelang:

Peeletso ya lebitso la khampani – Form CM5  mmoho le dipositi ya R50 e kenngwang khoutung ya moreki wa tshebediso
CM22  – Nehelano ya matla ya sebaka le aterese ya poso e ngodisitsweng
Nehelano ya Matla a Boemedi – Tsebiso ya ho sebetsa lebitsong la bakopi
CM29 – Tlaleho e fupereng dintlha tsa balaodi, diofisiri
CM31 – Kamohelo ya ho sebetsa jwalo ka mohlahlobi wa dibuka
CM46 – Kopo ya setefikeiti sa ho qadisa kgwebo mmoho le R60 e kentsweng khoutung ya moreki wa tshebediso
CM47  – Tlaleho ya balaodi mabapi le ho lekana kapa ho se lekane ha tjhelete ya sethatho ya seabo
Tlatsa memorandamo le mabaka a mokgatlo


Lefa tefo e balletsweng.

Molao o sebediswang

Companies Act, 1973  

Maemo a tshebeletso

Ho ka nka matsatsi a mahlano ho ngodisa khampani e poraefete.

Ditjeo

R350 – Memorandum and Articles 
R60 – Certificate to commence business 
R50 – name reservation 
R5 – bakeng sa diabo tse ding le tse ding tse 1 000 tse ntshitsweng.

Paloyohle – R465

Diforomo tse tlatsuwang


Reservation of a company name - CM5. 
Authorization of situation of registered and Postal address  CM22 – .  – Nehelano ya matla ya sebaka le aterese ya Poso e ngodisitsweng)
Power of Attorney – Notification to act on behalf of promoters. 
Return containing particulars of directors, auditors and officers CM29 – 
Consent to act as Auditor CM31. 
Application for certificate to commence business CM46 –
Statement by directors regarding adequacy or inadequacy of share capital  CM47 –  – Tlaleho ya balaodi mabapi le ho lekana kapa ho se lekane ha tjhelete ya sethatho ya seabo)
Memorandum and articles of association CM2. Memorandamo le mabaka a mokgatlo.
Dinthla tsa bao o ka iteanyang le bona


