﻿
Kopo ya ho ngodisa khampani ya kantle



Tlhaloso

Mokgatlo wa baditjhaba wa kantle ho Afrika Borwa o lakatsang ho tsamaisa kgwebo efe kapa efe mona Afrika Borwa o ka etsa kopo ya tumello jwalo ka khampani ya kantle. Khampani ya kantle ke khampani e ngodisitsweng naheng ya baditjhaba mme e lakatsang ho hlomamisa khampani mona Afrika Borwa.

Ka lebaka la ditshebetso tse ngata tse etsahalang jwalo ka karolo ya tshebetso yohle ya ngodiso, ho eletswa hore o sebedise ditshebeletso tsa maqwetha a Afrika Borwa.

O tshwanela ho kopana le setsebi sa molao sa mona Afrika Borwa, jwalo ka ha ditlhoko tse itseng tsa Companies Act, 1973  di ka sebetswa feela ke ditho tsa ditsebi tseo.

Thusa o hlokomele hore ditokomane tsohle di tlameha ho tlatswa ka enke e ntsho e tebileng ya nako tsohle.

Ha o batla ho tseba haholwanyane, e ya ho ba Companies and Intellectual Property Registration Office.

Mehato e latelwang

Hokahana le Companies and Intellectual Property Registration Office.

Tlatsa diforomo tsa kopo jwalo ka di entswe lenaneo tlasa sehlooho se reng "Forms to complete" mona ka tlase.

Nehelana ka dikopi tse tiiseleditsweng tsa ditokomane tsa boitsebiso kapa pasepoto e molaong tsa batho bohle ba amehang khampaneng e tla ngodiswa.

Ditokomane tsohle di tlameha ho felehetswa ke Memorandamo le Mabaka a Mokgatlo, e tshwanelang ho ba ka mokgwa wa buka mme e tlameha ho tiiseletswa ke mohlapanyi leqepheng ka leng ke Mohlapanyi wa Setjhaba naheng ya sethatho.


Molao o sebediswang

Companies Act, 1973  

Business Names Act, 1960  

Maemo a tshebeletso

Ngodiso e ka nka matsatsi a mahlano.

Ditjeo

R350

Diforomo tse tlatsuwang


CM22 - Notice of registered office and postal address of company 
CM29 - Contents of register of directors, auditors and officers CM29 – Dikahare tsa rejistara ya balaodi, bahlahlobi ba dibuka tsa ditjhelete le diofisiri)
CM31- Notice of, consent to change of name, or resignation by Auditor or removal of Auditor Tsebiso ya tumello ya ho thonngwa, ho fetolwa ha lebitso ke mohlahlobi wa dibuka tsa ditjhelete kapa ho tloswa ha mohlahlobi wa dibuka tsa ditjhelete)
CM37 -Notice of person authorized to accept service on behalf of external company CM 37–Tsebiso ya motho ya nehilweng matla a ho amohela tshebeletso lebitsong la khampani ya kantle)
CM49 - Application for the registration of memorandum of external company 

Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona


