
Kopo ya laesense ya sepalangwang
Tlhaloso
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona

Tlhaloso

Koloi ya laesense e kgaotsweng nakwana, e hlakotsweng boingodisong, e utswitsweng, kapa e kopantsweng botjha, e hloka ho laesenswa hape. Hona ho etsahala le moo monga koloi a fetohang kapa koloi e fumanwa ho tswa ho lefa la motho ya hlokahetseng.

Laesense ya koloi e amohelehile ho sebetsa nako ya dikgwedi tse 12.

Hodimo

Mehato e latelwang

Iteanye le kantoro ya heno e haufinyana ya sephethephethe.
Tlatsa foromo ya kopo kantorong ya heno ya sephethephethe.
Isa:

bukana ya boitsebiso e amohelehang
setifikeiti sa koloi sa ho lokela ho ba mmileng se fumanehang seteisheneng sa tlhahlobo ya dikoloi
setifikeiti sa Tlhakiso sa Sepolesa sa Afrika Borwa 
lengolo la Bolaodi ho tswa SABS 
setifikeiti sa mofu. .

Lefa tjhelete e hlokahalang.

Ditjhelete tse salletseng morao di tlameha ho leshwa bakeng sa dikoloi tseo laesense ya tsona e felletsweng ke nako e behetsweng mme di sa ka tsa ntjhafatswa.

Hodimo

Molao o sebediswang



The National Road Traffic Act, 1996  

Hodimo

Maemo a tshebeletso

Kopo e sebetswa hona letsatsing leo.

Hodimo

Ditjeo

