

Kopo ya ho ngodisa moralo



Tlhaloso

Hantlentle "moralo" ke ho bua mabapi le sebopeho le makgetha a hapang leihlo. Meralo e meng e susumetswa ke tshebediso mme e meng ke bokgabane.

Kahoo moralo o mabapi le sebopeho, mokgwa, tjhebahalo, paterone, mokgabiso le kaheho ya sehlahiswa kapa ntho. Ho etsa mohlala, moralo wa reng   ka bophara o laolwa ke makgetha a bokgabo.

Ho na le mefuta e mmedi ya meralo e ka ngodiswang, ho itshetlehile hore e kgotsofatsa ditlhoko tse behilweng mona ka tlase:

Moralo wa bokgabo

tshwanela ho ba motjha mme e be wa sethatho;
tshwanela ho ba le botle sebopehong sa ona, kaheho kapa mokgabiso; mme
tlameha ho kgona ho hlahiswa ka tshebetso ya indasteri.

Moralo wa tshebetso

tshwanela ho ba motjha mme e se ka ba o tlwaelehileng;
tlameha ho ba le sebopeho kapa kaheho e hlokwang ke tshebediso; mme
tlameha ho kgona ho hlahiswa ka tshebetso ya indasteri.

Tshireletso ya meralo ya bokgabo e nehelwa nako ya dilemo tse 15, mme ya meralo ya tshebetso e ba dilemo tse 10.

Leha ho se na tlamo ya ho etsa phuputso ho hlahloba setso sa moralo kapa ho etsa bonnete ba hore ke moralo o le mong kapa moralo o tshwanang ha o so ka o ngodiswa pele, ke bohlale ho etsa jwalo pele o kenya kopo. Phuputso e ka etsuwa ho Design Registry Office  Pretoria.

tlameha ho e etsa ka bowena kapa e etsuwe ke akgente, jwalo ka leqwetha la tokelo ya ho etsa sehlahiswa.

Hang ha moralo o amohetswe jwalo ka o motjha mme o ngodisitswe, o tla nehwa setefikeiti sa moralo.

Meralo e a ntjhafatswa jwalo ka mora dilemo tse tharo.

Ha o batla ho tseba haholwanyane, e ya ho ba Companies Intellectual Property Registration Office.

Mehato e latelwang

Hokahana le Companies Intellectual Property Registration Office.
Tlatsa foromo ya kopo ya moralo.
Nehelana ka kopi e tiiseditsweng ya bukana ya hao ya boitsebiso.

Molao o sebediswang

The Designs Act, 1993  

Maemo a tshebeletso

Ho latela nako ya dikgwedi tse tsheletseng, ho etsuwa ditshebetso tsa tlhahlobo tse molaong mme hangata ngodiso ya moralo e a nehelwa kgweding ya bosupa.

Ditjeo

R231

Diforomo tse tlatsuwang

Form D1 Application and Acknowledgement 
Form D2 Register of Designs 
Form D3 Power of Attorney 
Form D6 Definitive Statement and Explanatory Statement 
Form D8 Publication Particulars Dintlha tsa Phatlalatso)


Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona


