﻿



Kopo ya ho ngodisa tokelo ya boqapi



Tlhaloso

Tokelo ya boqapi ke tokelo ya ho sireletsa mosebetsi wa motho, o ka bang ka mokgwa wa ntho e ngotsweng le ya dingolwa, mananeo a khomphiyuta, mesebetsi ya bonono, dintho tsa kgaso, mmino, difilimi kapa dividiyo

"Ho sireletsa" ho bolela ho thibela ba bang ho kopitsa kapa ho hlahisa hape mosebetsi o jwalo kapa dintho le ho di sebedisa  ho ntshetsa pele phaello ya bona ya ditjhelete. Copyright Act, 1978  o laola tokelo ya boqapi.

Ha o na le maikutlo a sethatho, o ke ke wa ba le tokelo ya boqapi hodima ona. O tlameha hore pele o behe maikutlo a hao ka mokgwa o tshwarehang, o kang buka, karete, CD, motako, setshwantsho, papadi ya skrini kapa filimi.

Ka bophara motho ya ngotseng, ya hatisitseng, ya phatlaladitseng, ya bapetseng kapa ya entseng, ya betlileng, ya pentileng, ya entseng filimi kapa ya rekotileng mosebetsi, ka ho iketsahalla ke monga tokelo ya boqapi ya mosebetsi oo. Leha ho le jwalo ka dinako tse ding, ha motho a thontswe ka khomishene mme a lefshwa ho etsa mosebetsi o itseng, tokelo ya boqapi ke ya mohiri.

Bakeng sa bongata ba mesebetsi  ha ho hlokahale hore o etse kopo ya tokelo ya boqapi.

Copyright  e botjwa ka ho beha mantswe "copyright" kapa "copyright reserved" kapa "copyright Smith 2002" , kapa ho sebedisa letshwao la copyright , lebitso le selemo .

O ka fumana copyright  mona Afrika Borwa ha o le moahi wa Afrika Borwa kapa ha mosebetsi wa hao o hlahisitswe mona Afrika Borwa. Ha o se moahi wa Afrika Borwa, o ka fumana copyright  ha feela naha eo e nngwe e le setho sa Berne Convention . Berne Convention  ke tumellano ya matjhaba mabapi le tokelo ya boqapi eo dinaha tseo e leng ditho di nehanang tshireletso ya tokelo ya boqapi.

Tokelo ya boqapi ya difilimi kapa dividiyo tse hlahiswang bakeng sa tshebediso ho tsa kgwebo e hloka ho etsetswa kopo e molaong, ka mokgwa wa ditokomane tse latelang tse fumanehang mahala ho Copyright Office :

Ho ba le tokelo ya boqapi ho nehelana ka "ho ba monga" ntho e jwalo le taolo ya tshebediso ya yona ho tsa kgwebo. Letshwao la tokelo ya boqapi le bonahalang kgafetsa ke ©.

Ha o batla ho tseba haholwanyane, e ya ho ba Companies and Intellectual Property Registration Office.

Mehato e latelwang

Hokahana le Companies and Intellectual Property Registration Office.
Tlatsa diforomo tse latelang:

Form RF1, submitted in duplicate 
Form RF2, submitted in duplicate 
Form RF3, submitted in duplicate 
Form RF9 together with the "Statement of Case" (mmoho le "Setatemente sa Taba"
Power of Attorney letter, if services of an attorney are used 


Molao o sebediswang

Copyright Act, 1978  

Maemo a tshebeletso

Ho latela nako ya dikgwedi tse tsheletseng, ho etsuwa ditshebetso tsa tlhahlobo tse molaong mme hangata tokelo ya boqapi e a nehelwa kgweding ya bosupa.

Ditjeo

R231

Diforomo tse tlatsuwang

Form RF1, submitted in duplicate 
Form RF2, submitted in duplicate 
Form RF3, submitted in duplicate 
Form RF9 together with the  Statement of Case  
Power of Attorney letter if services of an attorney are used  

Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona



