
Kopo ya ho rejisetara sekepe se tshwasang dihlapi
Tlhaloso
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona

Tlhaloso

Sekepe se tshwasang dihlapi ke sekepe se reretsweng mosebetsi wa ho tshwasa le ho tsamaisa tsohle tse tshwaswang metsing kapa ho tshehetsa mesebetsi yohle e tsamaellanang le ho tshwasa dihlapi. Sena se kenyeletsa sekepe sefe kapa sefe se thusang dikepe tse ding tse tshwasang dihalpi lewatleng ho latela tumello, ho kenyeletswa, leha sena se sa felle moo feela, ho hlophisa, fepela, ho boloka, ho boloka sehatsetsing, ho thothwa ha hlapi le ho sebetswa ha yona. Sekepe se jwalo se lokela ho dumellwa ke ba Taolo ya Polokeho ya Dikepe Lewatleng   mmoho le Lefapha la Ditaba tsa Tikoloho le Bohahlaudi ( Environmental Affairs and Tourism.

Ha ho sekepe se tla rejisetarwa ebang ho sena tumello le phemiti ya ho tshwasa dihlapi.

Hodimo

Mehato e latelwang

Etsa dihlophiso hore sekepe se kenele diteko tsa polokeho tse etswang ke SAMSA mme kamora moo SAMSA e tla ntsha setefikeiti. Setefikeiti seo se lokela ho tsam,aya le kopo ya ho rejisetara sekepe.
Fumana foromo ya kopo Lefapheng la Ditaba tsa Tikoloho le Bohahlaudi kapa o ka fumana foromo ho http://www.mcm-deat.gov.za.
Tlatsa foromo e hatisitsweng mme o sebedisa ditlhaku tse kgolo feela, mme moo ho hlokehang o fane le ka mabaka
Fana ka lesedi lena le latelang:

lebitso la sekepe seo
lebitso le dintlha tsohle tsa monga sekepe 
botelele ba sekepe
matla a enjine le boholo ba sekepe
folaga ya naha eo sekepe se ngoditsweng teng 
setefikeiti sa Taolo ya Polokeho Lewatleng.
Nehelana ka foromo ya hao ya kopo mmoho le tumello ya hao ya ho tshwasa dihlapi le konteraka eo o nang le yona le monga sekepe ebang e se wena monga sekepe seo.

Hlalosa nako le lekala leo sekepe seo se tla tshwasa dihlapi ho sona.

Hodimo

Molao o sebediswang



The Marine Living Resources Act, 1998  

The National Environmental Management Act, 1998  

The National Biodiversity Act, 2004  

The National Marine Protected Areas Act, 2003  

The Sea Birds and Seals Protection Act, 1973  

The International Convention for the Prevention of Pollution from Ships Act, 1986  


Hodimo

Maemo a tshebeletso

Kopo e ka nna ya nka matsatsi a mararo le ho feta, ho ya kamoo kopo e entsweng kateng.

Hodimo

Ditjeo

Ditjeo di fapana ho ya ka botelele ba sekepe.

