﻿

Kopo ya ho buseletswa ditefello tsa laesense

Tlhaloso
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona

Tlhaloso

O ka etsa kopo ya ho buseletswa ditefello tsa laesense ya koloi haeba koloi ya hao e utswitswe, ha e boemong ba ho sebetsa, kapa e hlakotswe boingodisong.

Kopo ya ho buseletswa e tlameha ho etswa nakong ya dikgwedi tse tharo ho tloha letsatsing la tsebiso ya ho utsuwa kapa ho ba boemong ba ho sa lokela tsela, kapa ho tloha letsatsing la ho hlakolwa boingodisong.

Ela Hloko: Tjhelete e ka tlase ho R30 e ke ke ya busetswa.

Hodimo

Mehato e latelwang

Tlatsa foromo ya RLF, Kopo ya ho Buseletswa Ditefello tsa Laesense ya Koloi.
Tlisa ditokomane tse latelang:

bukana ya boitsebiso
afidaviti e netefatsang hore koloi e utswitswe, ha e boemong ba ho sebediswa tseleng kapa setefikeiti sa ho hlakolwa boingodisong.


Hodimo

Molao o sebediswang



National Road Traffic Act, 1996  

Hodimo

Maemo a tshebeletso

Kopo e sebetswa letsatsing leo e entsweng ka lona, empa puseletso ya tjhelete e leshwa ka mora matsatsi a mmalwa ka baka la ditsamaiso tsa tlhakiso ya ditjhelete semmuso tsa ka hare.

Hodimo

Ditjeo

Tshebeletso ke mahala.

Hodimo

Diforomo tse tlatsuwang

RLF  e fumaneha ditsing tsa dilaesense tsa makoloi.

Hodimo

Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona


