

Ho romela ngangisano ho CCMA bakeng sa poelano kapa poelano le bonamodi

Tlhaloso
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona

Tlhaloso

Mamelo ya poelano ke tshebetso eo ho yona mokhomishenara  a kopanang le bao ba amehang ngangisanong ho fumana ditsela tsa ka moo ba ka rarollang ngangisano ka tumellano.

Tshebetso ya poelano le bonamodi  e rarolla ka potlako tshebetso tsa sa lokang tse sebedisitsweng mothong ya mong le ho tebelwa ka tsela e sa lokang, mme hona ho etswa ka mokgwa wa poelano le bonamodi. Tshebetso ena e dumella poelano le bonamodi hore e be dintho tse etsahalang jwalo ka tshebetso e tswellang letsatsing le le leng, ha ho hlokeha.

Poelano e rarolla dingangisano ka potlako hape ka tsela e se nang leeme. Tshebetso ya poelano ha se e rarahaneng, ha e je tjhelete e ngata mme hape ha e dumelle hore ho be le boemedi bofe kapa bofe ba molao. Qeto ya ho rarolla e matsohong a ba amehang.

Kopanong ya poelano ramosebetsi a ka hlaha ka boyena kapa a ka emelwa ke molaodi kapa moseeletsi e mong kapa mokgatlo wa boramesebetsi. Mosebeletsi a ka emelswa ke motho ya tshwereng setulo ofising kapa mohlanka wa yunione e ngodisitsweng ya mosebeletsi.

Ha mokopi a hloleha ho tla mamelong ya poelanonakong e beuweng, taba eo e tla qhalwa. Ha ho ka etseha hore mokopi a batle ho tswela pele, ho ka etswa kopo ya qhellwa thoko ha ho tebelwa hoo.

Hodimo

Mehato e latelwang

Tlatsa foromo ya LRA 7.11 mme o e romele ho ba Khomishene ya Poelano le Bonamodi e leng Commission for Conciliation, Mediation and Arbitration  rovinseng eo ngangisano e etsahetseng ho yona.
Neha motho e mong ya amehang tabeng ena khopi ya foromo ena.
Bontsha bopaki ba hore khopi ya foromo ena e fuwe motho e mong ya amehang tabeng eo ka ho hokela hona ho latelang kopong ya hao:

khopi ya setlanakana sa ho rejistara ho tswa Posong
khopi ya rasiti e saennweng ha khopi e isitswe ka letsoho
setatemente se saennweng sa motho ya tlisitseng khopi ya foromo, ho tiisetsa tshebeletso
khopi ya setlankana sa fekse se tiisetsang kapa bopaki bofe kapa bofe ba tshebeletso.


Hodimo

Molao o sebediswang



Labour Relations Act, 1995  Section 133 and 191 , 

Hodimo

Maemo a tshebeletso

Ho ka nka matsatsi a ka bang 30.

Hodimo

Ditjeo

Tshebeletso ena ke mahala.

Hodimo

Diforomo tse tlatsuwang



Referring a dispute to the CCMA for conciliation, Form LRA7.11 

Hodimo

Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona


