
Kopo ya theolelo le pusetso ya lekgetho ho dikenyeletso tse sebedisitsweng thepeng e romelwang ka ntle ho naha
Tlhaloso
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona

Tlhaloso

Sepheo sa tshebeletso ena ke ho etsa kopo ya ho theolelwa le ho busetswa lekgetho dihlahisweng tsa ditswantle bakeng sa ho hlahisa, ho hlophisa, ho qetela, ho kenyeletsa kapa ho paka dihlahiswa tse reretsweng ho romelwa ka ntle ho naha.
Ho hlokahala tumello bakeng sa dihlahiswa tsa ditswantle ho ya ditlhoko tsa pehelo ena mme e tlameha ho kotjwa ka ho tlatsa foromo e fumanwang ho International Trade Administration Commission  Khomishene ya Tsamaiso ya Kgwebo ya Matjhaba).

Ho o batla ho tseba haholwanyane, e ya ho ba International Trade Administration Commission.

Hodimo

Mehato e latelwang

Ntsha foromo ya kopo, 470.03/00.00/01.00
Nehelana ka kopi e tiiseditsweng ya bukana ya hao ya boitsebiso.
Nehelana ka kopi e tiiseditsweng ya tumello ya ho romela ka ntle ho naha

Hodimo

Molao o sebediswang

Customs and Excise Act, 1964  

Hodimo

Maemo a tshebeletso

Ho ka nka dibeke tse pedi ho ya ho tse nne ho fumana karabo mabapi le theolelo kapa pusetso ho tswa ho Lefapha la Kgwebo le Indasteri.

Hodimo

Ditjeo

Tshebeletso ke ya mahala.

Hodimo

Diforomo tse tlatsuwang



Application for rebabe on and refund of the duty on inputs used in export goods

Hodimo

Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona


