
Kopo ya tokelo ya ho batla diraftjwa
Tlhaloso

Tokelo ya ho batla diraftjwa ke phemiti e dumellang khampani kapa motho ho lekola kapa ho fuputsa sebakeng se itseng ka morero wa ho fumana minirale e ka bang e teng moo. Motho ofe kapa ofe ya batlang ho etsa kopo ya tokelo ya ho batla diraftjwa o lokela etsa kopo ofising ya Manejara wa Lebatowa eo mobu o leng lebatoweng leo la hae.

Tokelo ya ho batla diraftjwa e sebetsa bakeng sa dilemo tse hlano, empa ka mora ho ba e fele, mokopi a ka kopa hore ho ntjhafatswe tokelo ya ho batla diraftjwa, bakeng sa nako e sa feteng dilemo tse tharo.

Tokelo ya ho batla diraftjwa ho tla fanwa ka yona ha ho ka fihlelwa ditlhoko tsena tse latelang:

Mokopi o na le ditjhelete le botsebi ba ho tsamaisa tshebetso e lohothwang ya ho batla diraftjwa ka tsela e tla ba le dipoelo.
Polane ya ditjhelete e tsamaelana le tshebetso e lohothwang ya ho batla diraftjwa le nako ya mosebetsi oo.
Ha ho na tshilafatso kapa tshenyo e sa hlokeheng e tla ba teng tikolohong ka baka la tshebetso ya ho batla diraftjwa.
Mokopi o kgona ho latela Molao wa Bophelo bo Botle ba Merafong mmoho le Polokeho .
Mokopi ha a tlole Molao wa Diminerale le Ntshetsopele ya Mehlodi ya Petroliamo .
Ha ho na motho e mong ya nang le tokelo ya ho batla diraftjwa, tokelo ya ho rafa le phemiti ya ho rafa kapa phemiti ya ho boloka ya minerale le mobu oo.

Ha o batla ho tseba haholwanyane, e ya ho Lefapha la Diminerale le Eneji
Mehato e latelwang
Etsa kopo ofising ya Manejara wa Lebatowa wa Lefapha la Diminerale le Eneji lebatoweng leo mobu o leng ho yona.
Tlatsa Foromo ya B: Kopo ya tokelo ya ho batla diraftjwa, mme o e romele le tsohle tse lokelwang ho hokelwa ho yona tse hlokehang ho nejara wa Lebatowa wa Lefapha la Diminerale le Eneji eo mobu o leng lebatoweng la hae.
Foromo e lokela ho tsamaya le tefello ya kopo e hlokehang, hape e sa boeleng morao.
Ha Manejara wa Lebatowa a ananela kopo ya hao, yena o tla ho kopa hore o romele polane ya taolo ya tikoloho le hore o iteanye le monga thepa , motho ya dutseng hodima thepa ka molao kapa motho ofe kapa ofe e mong ya amehang.
Romela diphetho tsa ditherisano ho Manejara wa Lebatowa matsatsing a 30.
Haebe o fihletse ditlhoko tsena tsohle, Manejara wa Lebatowa o tla romela kopo ho Letona ho ya elwa hloko.
Maemo a tshebeletso
Ha Manejara wa Lebatowa a sa ananele kopo, yena o lokela ho o tsebisa ka ho o ngolla matsatsing a 14 e be o kgutlisa kopo ho wena.
Ha Manejara wa Lebatowa a ananela kopo, yena o lokela ho o tsebisa matsatsing a 14 hore o romele polane ya taolo ya tikoloho, le hore o iteanye le monga thepa le motho ya leng hodima thepa ka molao ekasitana le motho ofe kapa ofe e mong ya amehang.
O lokela ho romela sephetho se ngotsweng fatshe sa ditherisano ho Manejara wa Lebatowa matsatsing a 30.
Hang ho ba ho fihlelwe ditlhoko tsena, Manejara wa Lebatowa o lokela ho romela kopo ho Letona hore e ilo elwa hloko.
Molao o sebediswang
Mineral and Petroleum Resources Development Act, 2002  Molao wa Diminerale le Ntshetsopele ya Mehlodi ya Petroliamo
Regulations to the Mineral and Petroleum Resources Development Act Melawana ya Molao wa Diminerale le Ntshetsopele ya Mehlodi ya Petroliamo
Broad Based Socio Economic Empowerment Charter for the South African Mining Industry Tjhata ya Matlafatso ya Setjhaba Moruong ka Mokgwa o Batsi bakeng sa Indasteri ya Merafo ya Afrika Borwa
A Guide for a Prospecting Work Programme to be Submitted for Applications for Prospecting Rights in terms of the Mineral and Petroleum Resources Development Act, 2002  Tataiso ya Lenaneo la Mosebetsi wa ho Batla Diraftjwa e lokelwang ho romelwa bakeng sa Dikopo tsa Ditokelo tsa ho Batla Diraftjwa ka ho ya ka Molao wa Diminerale le Ntshetsopele ya Mehlodi ya Petroliamo

Ditjeo

Ditjeo di tla behwa ke Manejara wa Lebatowa ka ho ya ka minerale eo o batlang ho e rafa.

Diforomo tse tlatsuwang

Form B: Application for Prospecting Rights

Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona



