﻿

Kopo ya tumello ya ho tsamaisa seahelo sa ho lokisa tlhapi

Tlhaloso
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona

Tlhaloso

Seahelo sa ho lokisa tlhapi  ke sepalangwang, sekepe, seahelo kapa sebaka moo ho hlahiswang sehlahiswa kapa ntho e itseng ka tlhapi. Sehlahiswa se ka hlahiswa ka mokgwa ofe kapa ofe, o kang ho e seha dikotwana, ho arohanya ditho, ho e hlwekisa, ho e hlopha ka mefuta, ho e beha ka tatelano le ho e boloka.Seahelo hape se kenyeletsa le sebaka moo tlhapi e kenngwang dikotikoting, e pakwang, e omiswang, e tshelwang ka letswai, e kenngwang leqhweng, e hatsetswang, e etsuwang leqhwa kapa e lokisetswa ho rekiswa ka hara Afrika Borwa kapa ka ntle.

Ho kena mosebetsing wa tokiso, o tlameha ho etsa kopo pele ya FPE /tokelo ya ho tshwasa ditlhapi mme e amohelwe.Ho sebedisa tokelo ya ho tshwasa ditlhapi kapa tokelo ya ho tsamaisa FPE, o tlameha ho etsa kopo ya tumello e ntjhafatswang selemo le selemo e ntshuwang ke Lefapha la Merero ya Tikoloho le Bohahlaudi .Monga tumello o tlameha ho latela dipehelo tse hlalositsweng tumellong.Ho hloleha ho etsa jwalo ho ka ba le sephetho sa ho fanyehwa kapa ho fediswa ha tumello mmoho le ho amohuwa tokelo.

Hodimo

Mehato e latelwang

Etsa kopo ya tokelo ya ho tshwasa ditlhapi feela ha ho le teng memo e tla phatlalatswa Gazetheng ya Mmuso.

Ho etsa kopo, fumana foromo diofising tsa Department of Environmental Affairs and Tourism  , kapa sebakeng sa ho hasanya diforomo tsa kopo jwalo ka ha ho phatlaladitswe ke DEA&T.

Bala ka hloko, o utlwisise mme o etse bonnete ba hore o kgotsofatsa ditlhoko le dipehelo tsa kopo.

Tlatsa, saena mme o nehelane ka foromo mmoho le ditokomane tsa ho tshehetsa tse tiiseditsweng tse hlokwang mmoho le tefiso e balletsweng e sa kgutleng.

Tshebetso ya ho hlahloba e tla qala ka mora letsatsi la ho qetela la ho amohela dikopo mme diphetho di tla phatlalatswa ka ngollano ke DEA&T. Ha o nehuwe tokelo ya FPE, o tlameha ho etsa kopo ya tumello ya ho tsamisa FPE le ho kgotsofatsa ditlhoko pele o nehwa tumello.

Tokollo ya seahelo sa ho lokisa tlhapi   e ka nahanwa tlasa maemo a tlang ka sewelo, mme ka ho fihlellwa ha qeto ke Letona la DEA&T.

Ha tokollo ya FPE e nehelanwe, o tlameha ho etsa kopo ka hoo ya tumello ya ho etsa seahelo sa ho lokisa tlhapi.

Hodimo

Molao o sebediswang



The Marine Living Resources Act, 1998  

The National Environmental Management Act, 1998  

The National Biodiversity Act, 2004  

The National Marine Protected Areas Act, 2003  

The Sea Birds and Seals Protection Act, 1973  

The Sea Fishery Act, 1988  
The Sea-shore Act, 1935  
The International Convention for the Prevention of Pollution from Ships Act, 1986  

Hodimo

Maemo a tshebeletso

Kopo ya tokelo ya FPE e ka nka dikgwedi tse 3 kapa ho feta ho ya ka bongata ba dikopo.Kopo ya tumello ya FPE e ka nka letsatsi le le 1 kapa ho feta, ho itshetlehile ho nehelano e nepahetseng ya kopo.

Hodimo

Ditjeo

Ditefiso di laolwa ke tjhadimobotjha / tlhomamiso ke Letona la Environmental Affairs and Tourism kapa bolaodi bo thontsweng, tshebedisanong mmoho le Letona la Ditjhelete.

R6 000 – Kopo ya FPE/ tokelo ya ho tshwasa ditlhapi:ho tsamaisa seahelo sa ho lokisa tlhapi.

R1 330 mmoho le tefiso ya kopo ya R125 – Kopo ya tumello ya ho tshwasa ditlhapi:ho tsamaisa seahelo sa ho lokisa tlhapi.


Hodimo

Diforomo tse tlatsuwang



Application for a Fish Processing Establishment Permit

Hodimo

Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona


