
Kopo ya ho tlaleha kotsi e hlahileng mosebetsing Letloleng la Ditlhapiso
Tlhaloso
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona

Tlhaloso

Molao wa Ditlhapiso tsa Dikotsi le Mafu a Hlahang Mosebetsing, 1993, o laela boramesebetsi hore ba tshwanetse ho tlaleha dikotsi tsohle tse etsahalang mosebetsing Letloleng la Ditlhapiso.

Hodimo

Mehato e latelwang

Boramesebetsi ba lokela ho tlatsa Karolo ya A ya foromo ya W.Cl.2.
Boramesebetsi ba lokela ho tabola Karolo ya B ya foromo ya W.Cl.2 mme ba e nehe ngaka kapa sepetlele hore ba e tlatse ka potlako ka ho ya ka moo ba ka kgonang ka mora kotsi.
Boramesebetsi ba lokela ho romela Karolo ya A ya foromo e tlatsitsweng Letloleng la Ditlhapiso ka potlako ka ho ya ka moo ba ka kgonang ka mora kotsi.
Boramesebetsi ha ho hlokehe hore ba emele Karolo ya B ya foromo hore e tlatswe ke ngaka pele ba romela tleleime. Hang ho ba boramesebetsi ba fumane karolo ya foromo ya ngaka, ba ka e romela le yona.
Ditleleime di ka romelwa ho:
The Compensation Commissioner
PO Box 955
Pretoria
0001
Boramesebetsi ba lokela ho lefa mosebetsi ditlhapiso bakeng sa dikgwedi tsa ho qala tse tharo ka mora kotsi. Letlole la Ditlhapiso le tla busetsa ramosebetsi bakeng sa hona.
Boramesebetsi ba lokela ho romela raporoto ya ho qala ya bongaka  ka potlako ha ba e fumana ho tswa ngakeng.
Ha mosebetsi a sa kgone ho boela mosebetsing wa hae bakeng sa nako e telele, boramesebetsi ba lokela ho fumana raporoto ya kgetelopele ya bongaka  ho tswa ngakeng e be ba e romela Letloleng la Ditlhapiso kgwedi e nngwe le e nngwe.
Ha mosebetsi a boela mosebetsing wa hae hape, boramesebetsi ba lokela ho romela raporoto ya ho qala hape  le raporoto ya ho qetela ya bongaka  Letloleng la Ditlhapiso.

Hodimo

Molao o sebediswang



Compensation for Occupational Injuries and Diseases Act, 1993  

Hodimo

Maemo a tshebeletso

Hona ho tla ya ka hore na dintlha di tlatsitswe ka nepo.

Hodimo

Ditjeo

Tshebeletso ke mahala.

Hodimo

Diforomo tse tlatsuwang



Employer's report of an accident, ID: W.Cl.2 
First medical report in respect of an accident, W.Cl.4 
Final or progress medical report in respect of an accident, ID: W.Cl.5 
Resumption report, ID: W.Cl.6 

Hodimo

Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona


