
Tsebiso ya phetoho ya monga koloi kapa thekiso ya koloi
Tlhaloso
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona

Tlhaloso

Hona ke ho fana ka tsebiso ho bolaodi ba ho ingodisetsa sephethephethe hore monga koloi kapa motho ya tshwereng thaetlele ya koloi o fetohile. Tsebiso e tlameha ho iswa bolaoding bofe kapa bofe ba boingodiso matsatsing a 21 ho tloha letsatsing leo diphetoho di entsweng.

Motho ya tshwereng thaetlele  kapa monga koloi o tlameha ho saena setifikeiti sa jwale sa boingodiso mme a se nehe motho e motjha ya tshwereng thaetlele kapa monga koloi.

Hodimo

Mehato e latelwang

Monga koloi wa jwale o tlameha ho iteanya le kantoro e haufinyana ya sephethephethe.
Tlisa ditokomane tse latelang:

setifikeiti sa boingodiso ba koloi
diski ya laesense e amohelehileng
bukana ya boitsebiso.


Hodimo

Molao o sebediswang



National Road Traffic Act, 1996  

Hodimo

Maemo a tshebeletso

Kopo e sebetswa letsatsing leo e entsweng ka lona.

Hodimo

Ditjeo

Tshebeletso ke mahala.

Hodimo

Diforomo tse tlatsuwang

Tsebiso ya phetoho ya monga koloi kapa thekiso ya koloi e fumaneha kantorong ya sephethephethe.

Hodimo

Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona


