
Tsebiso ya phetoho ya dintlha tsa motho ya tshwereng thaetlele kapa monga koloi
Tlhaloso
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona

Tlhaloso

Sena ke ho tsebisa Lefapha la tsa Dipalangwang ka phetoho ya aterese ya motho ya tshwereng thaetlele kapa monga koloi. Kaofela batho ba tshwereng dithaetlele kapa banga ba dikoloi ba lokela ho netefatsa hore diaterese tsa bona tse kentsweng boingodisong ba ba dikoloi di nepahetse.

Hodimo

Mehato e latelwang

Etela kantoro ya heno ya sephethephethe e haufinyana.
Tlatsa mme o ise foromo ya tsebiso.
Tlisa ditokomane tse latelang:

khopi ya Bukana ya hao ya Boitsebiso
tiisetso ya aterese e ntjha ya bodulo.


Hodimo

Molao o sebediswang



National Road Traffic Act, 1996  

Hodimo

Maemo a tshebeletso

Kopo e sebetswa letsatsing leo e entsweng ka lona.

Hodimo

Ditjeo

Tshebeletso ke mahala.

Hodimo

Diforomo tse tlatsuwang

Notice of change of particulars, NCP 
Motor vehicle registration, MRV1A 
Application for registration and licensing, RLV 

Diforomo tsena tsa kopo di fumaneha kantorong ya sephethephethe.

Hodimo

Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona


