﻿

Tsebiso ya ditokiso tsa setatemente sa motheo sa khampani ya ba mmalwa 



Tlhaloso

Sepheo sa tshebeletso ena ke ho tsebisa Registrar of Companies  mabapi le diphetoho seahelong sa kgwebo ya hao e ngodisitsweng. Diphetoho tsena di ka akga ditho tse ntjha tse ekeditsweng kapa tse ntshitsweng, ofisiri e ntjha ya ho lekola ditjhelete, aterese ya poso, jj.

Ha ho na le diphetoho dife kapa dife tse entsweng mabapi le khampani ya ba mmalwa  e ngodisitsweng – e bang di malebana le ditho  kapa diphetoho malebana le ofisiri ya ho lekola ditjhelete kapa aterese ya poso ya CC – ho hlokahala hore diphetoho tsena di ngodiswe ho Close Corporation Registration Office .

Diphetoho di tlameha ho ngolwa ho Amended Founding Statement CK2 . Dintlha tsa bohlokwa malebana le ho tlatsa foromo ya CK2 di entswe lenaneo ka morao ho leqephe la 2 mme di tlameha ho balwa pele ho tlatswa diforomo.

Fa o batala go tseba haholwanyane, e ya go e ya ho ba Companies and Intellectual Property Registration Office.


Mehato e lokelwang ho latelwa

Ntsha foromo ya kopo, CK2 mme o tlatse dikarolo tse amang maemo a hao.
Tlatsa Karolo A ha ho na le phetoho lebitsong la CC kapa mofuta wa kgwebo.
Tlatsa foromo CK2A mabapi le diphetoho tsa ofisiri ya ditjhelete kapa aterese ya kgwebo. Tlatsa Karolo B mabapi le diphetoho ho dintlha tsa ditho.
Tlatsa diforomo CK2 le CK2A ka enke e ntsho, o sebedisa ditlhaku tse kgolo.
Nehelana ka foromo ya sethatho ya CK2 kapa CK2A ho Close Corporation Registration Office .
Nehelana ka kopi e tiiseditsweng ya setefikeiti sa ngodiso ya CC.
Nehelana ka dibukana tsa boitsebiso tsa ditho tse amehang ho CC.
Lefa tefo e hlokwang.

Ha ho ditlhakolo tse dumelletsweng foromong. Ha diphetoho di hlophisitswe, setefikeiti se tiisang ngodiso ya ditokiso se tla posetswa ho Khampani ya ba Mmalwa .

Molao o sebediswang

Close Corporations Act, 1984 , Section 15 , 1984 , Karolo 15
Business Names Act, 1960  

Maemo a tshebeletso

Tshebetso e ka nka matsatsi a robedi hore e phethwe.

Ditjeo

R30 bakeng sa Karolo A ya CK2 feela.

Diforomo tse lokelwang ho tlatswa

Amended founding statement CK2 
Amended founding statement in respect of accounting officer and addresse, CK2As 

