
Kopo ya phemiti ya ho hweba ka makoloi le nomoro
Tlhaloso
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona

Tlhaloso

Tshebeletso ena e lebane le baetsi, baahi, bareki dinaheng tsa ka ntle, dikontraka tsa makoloi le bahwebi ba makoloi Nomoro ya ho hweba ka makoloi e dumella baetsi, bareki dinaheng tsa ka ntle, dikontraka tsa makoloi le bahwebi ba makoloi ho kganna koloi e sa ngodiswang mmileng wa setjhaba.

Nomoro ya ho hweba ka makoloi e hlokahala bakeng sa:

baetsi ho tsamaisa, rekisa, fapanyetsana kapa ho lokisa koloi
dikontraka tsa dipalangwang tsa makoloi ho tsamaisa koloi
bahwebi ba makoloi ho tsamaisa koloi, kapa
bareki dinaheng tsa ka ntle ho tsamaisa koloi.

Hodimo

Mehato e latelwang

Tlatsa foromo ya MTN 1 kantorong ya sephethephethe ya lehae la heno.
Bontsha hore ke ka baka lang o hlokang dinomoro tsa ho hweba le nomoro ya dinomoro tsa kgwebisano e batleha.
Kenya ditokomane tse latelang:

khopi ya bukana ya hao ya boitsebiso kapa lengolo la tumello haeba o emela khamphani
setefikeiti sa boingodiso ba kgwebo.

Lefa tjhelete ya kopo.

Hodimo

Molao o sebediswang



National Road Traffic Act, 1996  

Hodimo

Maemo a tshebeletso

Kopo e sebetswa letsatsing leo e etswang ka lona.

Hodimo

Ditjeo

