﻿
Ho etsa kopo ya ho rafa
Tlhaloso

Tokelo ya ho rafa ke tumello eo o e fuwang ke Mmuso ka Lefapha la Diminerale le Eneji e ho nehang taolo ya diminerale tsa morafo sebakeng se itseng. Tokelo ya ho rafa ha e be ka hodimo ho nako ya dilemo tse 30.

O fuwa tokelo ya ho rafa haebe:

Minirale e ka raftjwa ka bongata bo boholo
Mokopi o na le ditjhelete le botsebi ba ho tsamaisa tshebetso e lohothwang ya ho rafa ka tsela e tla ba le dipoelo
Polane ya ditjhelete e tsamaelana le tshebetso e lohothwang ya ho rafa le nako ya mosebetsi oo.
Ha ho na tshilafatso kapa tshenyo e sa hlokeheng e tla ba teng tikolohong ka baka la tshebetso ya ho rafa
Mokopi o entse ditlhophiso tsa ditjhelete le tse ding hape bakeng sa morero o beuweng wa mosebetsi le phedisano.
Mokopi ha a tlole Molao wa Diminerale le Ntshetsopele ya Mehlodi ya Petroliamo Mineral and Petroleum Resources Development Act, 2002 
Tshebetso e latela Tjhata ya ho Rafa .

Ha o batla ho tseba haholwanyane, e ya ho Lefapha la Diminerale le Eneji

Mehato e latelwang

Etsa kopo ofising ya Manejara wa Lebatowa wa Lefapha la Diminerale le Eneji lebatoweng leo mobu o leng ho yona.
Tlatsa Foromo ya D: Application for a mining right  e fumanwang ofising ya Manejara wa Lebatowa. Foromo e ka bulwa hape weposaeteng ena.
Romela foromo ka letsoho kapa ka o e rejistara posong mme yona e ye ho Manejara wa Lebatowa eo mobu o welang tlasa lebatowa la hae.
Foromo e lokela ho tsamaya le tefello ya kopo e hlokehang, hape e sa boeleng morao e tla behwa ke Manejara wa Lebatowa.
Ha Manejara wa lebatowa a ananela kopo, yena e tla matsatsing a 14 ho tloha mohla kananelo, a ho tsebise:
Hore o romele lenaneo la taolo ya tikoloho bakeng sa ho tla tjhaelwa monwana
Hore o tsebise hape o iteanye le bohle ba anng le kgahleho le ba amehang matsatsing a 180 ho tloha mohla tsebiso.
Molao o sebediswang
Mineral and Petroleum Resources Development Act, 2002  Molao wa Diminerale le Ntshetsopele ya Mehlodi ya Petroliamo
Mineral and Petroleum Resources Development Regulations - Government Gazette No. 26275  Melawana ya Diminerale le Ntshetsopele ya mehlodi ya Petroliamo – Koranta ya Mmuso ya No. 26275
Broad Based Socio Economic Empowerment Charter for the South African Mining Industry Tjhata ya Matlafatso ya Setjhaba Moruong ka Mokgwa o Batsi bakeng sa Indasteri ya Merafo ya Afrika Borwa
Maemo a tshebeletso
Manejara wa Lebatowa o tla ho tsebisa ka ho o ngolla haebe kopo e ananetswe, hona ho bolela hore kopo ya hao e latela ditlhoko tsohle , mme matsatsing a 14 a o amohela kopo o lokela ho iteanya le monga thepa kapa motho ya dulang hodima thepa ka molao mmoho le bohle ba amehang.
Ha kopo e sa atleha Manejara wa Lebatowa o tla kgutlisa kopo ho wena matsatsing a 14.
Ha Letona le hana ho fana ka tokelo ya ho rafa, lona le tla ho tsebisa ka ho o ngolla, matsatsing a 30, le bolele mabaka e etsang hore le hanele kopo eo.

Ditjeo

Ditjeo di tla behwa ke lefapha mme tsona ha di kgutliswe.

Palo e tla fapana ka ho ya ka minerale e tla rafshwa.

Diforomo tse tlatsuwang

Application for a mining right

Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona



