
Kopo ya ho ingodisa jwalo ka moetsi, moreki ho tswa dinaheng tsa ka ntle kapa moahi wa makoloi
Tlhaloso
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona

Tlhaloso

Motho ofe kapa ofe ya etsang, ahang, modifies kapa rekang makoloi dinaheng tsa ka ntle bakeng sa mabaka a kgwebo, kapa ho rekisa o tlameha ho ingodisa le Lefapha la tsa Dipalangwang.

Ho fumaneng kopo, lefapha la provense le tla romela bolekodi ba lona ho hlahloba mokopi ho ya ka ho tsamaisana le melao e loketseng.

Hodimo

Mehato e latelwang

Iteanye le Lefapha la tsa Dipalangwang provenseng ya heno.
Tlisa ditokomane tse latelang:

khopi e netefaditsweng ya bukana ya hao ya boitsebiso
khopi e netefaditsweng ya setefikeiti sa kgwebo
lengolo la tumello haeba o emetse khamphani
nomoro ya khoutu ya Lekgetho ho tswa Ditshebeletsong tsa Lekgetho tsa Afrika Borwa 
setefikeiti sa tlhakiso ho tswa Tshebeletsong ya Sepolesa ya Afrika Borwa.


Hodimo

Molao o sebediswang



The National Road Traffic Act, 1996  

Hodimo

Maemo a tshebeletso

Kopo e sebetswa letsatsing leo e entsweng ka lona mme setefikeiti sa boingodiso se ntshwa letsatsi le hlahlamang.

Hodimo

Ditjeo

