

Kopo ya laesense ya sekepe sa lehae sa ho tshwasa ditlhapi

Tlhaloso
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona

Tlhaloso

Sekepe sa lehae sa ho tshwasa ditlhapi se bolela sekepe  se ngodisitsweng tlasa South African Flag State  mme sa nehwa ke South African Maritime Safety Authority   Safety Certificate  le Laesense ya Sekepe ke Department of Environmental Affairs and Tourism (DEA&T) (Lefapha la Merero ya Tikoloho le Bohahlaudi).

Sekepe sa ho tshwasa ditlhapi se tlameha:

ho ruuwa le ho laolwa ka botlalo ke moahi a le mong kapa ba bangata ba Afrika Borwa kapa
ho ruuwa le ho laolwa ka botlalo ke ofe kapa ofe motse wa bolaodi bo kopanetsweng, mokgatlo kapa mokgatlo o mong wa batho ba entseng khampani kapa o thehilweng tlasa melao ya Rephaboliki ya Afrika Borwa moo bongata ba dikabelo le ditokelo tsa ho vouta di laolwang ke batho bao e leng baahi ba Afrika borwa.

Ka tlwaelo sekepe sa ho tshwasa ditlhapi sa lehae se na le disebediswa tse sebediswang ho tshwasa ditlhapi kapa mesebetsi e tsamaelanang le hona.Sekepe se akga diaparo tsohle, disebediswa, dibaka tsa ho boloka, thepa le mafura a ho tsamaisa hona sekepeng.Sekepe sa lehae sa ho tshwasa ditlhapi se ka akga sekepe sefe kapa sefe se thusang sekepe se le seng kapa tse ngata tse lewatle phethahatsong ya mosebetsi ofe kapa ofe o tsamaelanang le ho tshwasa ditlhapi.Hona ho ka kenyeletsa, empa ho sa fella ho tse latelang:

tlhophiso
ho fepela
ho boloka
ho boloka ho sehatsetsi
ho thotha, kapa ho lokisa; mmoho /kapa
ho kena ka ho tobileng ho mesebetsi ya ho tshwasa ditlhapi sebakeng sa Exclusive Economic Zone   metsing a matjhaba tlasa folakga ya RSA.

Ha ho motho ya tshwanelang ho sebedisa sekepe sa ho tshwasa ditlhapi kapa sekepe sefe kapa sefe se seng ho sebedisa tokelo ya ho fihlella ho ditlhapi ntle le ha laesense e ntshitswe, mmoho le tumello e tsamaelanang le yona ha monga sekepe e le monga tokelo ya ho tshwasa ditlhapi.Maemong ao monga sekepe e seng monga tokelo ya ho tshwasa ditlhapi, ho tlameha ho be teng kontraka ya ho sebedisa sekepe se jwalo.

Hodimo

Mehato e latelwang

Sekepe sa ho tshwasa ditlhapi se tlameha ho latela mekgwatshebetso ya  ya ho hlahloba ho tshwaneleha ho ba lewatle mme SAMSA e ka ntsha Safety Certificate .

Fumana foromo ya kopo ho Deat .

O tlameha hoba monga tokelo ya ho tshwasa ditlhapi .Ha o se monga tokelo ya ho tshwasa ditlhapi ya nang le sekepe, jwale nehelana kapa kenyeletsa kontraka, e fihlelletsweng le monga sekepe ho sebedisa sekepe se boletsweng, ha o kenya kopo ya laesense ya sekepe.

Kenya foromo ya kopo ho Department of Environmental Affairs and Tourism  mmoho le dintlha tse latelang:


lebitso la sekepe

lebitso la monga sekepe

mofuta wa matla, bolele ba sekepe

matla a enjine le mothamo wa sekepe

karolo ya ho tshwasa ditlhapi eo sekepe se reretsweng ho sebetsa ho yona

folakga ya Mmuso oo sekepe ha jwale se ngodisitsweng tlasa wona 


Bontsha bolelele ba nako le kopo ho karolo ya ho tshwasa ditlhapi eo sekepe se reretsweng ho sebetsa ho yona.

Tlatsa foromo ka mongolo a arolang ditlhaku o ngole ka ditlhaku tse kgolo mmoho le nehelano ya mabaka a ngotsweng moo ho hlokahalang.


Hodimo

Molao o sebediswang



The Marine Living Resources Act, 1998  

The National Environmental Management Act, 1998  

The National Biodiversity Act, 2004  

The National Marine Protected Areas Act, 2003  

The Sea Birds and Seals Protection Act, 1973  
The Sea Fishery Act, 1988  
The Sea-shore Act, 1935  
The International Convention for the Prevention of Pollution from Ships Act, 1986  

Hodimo

Maemo a tshebeletso

Kopo e ka nka matsatsi a 3 a mosebetsi kapa ho feta, ho itshetlehile ho nehelano e nepahetseng ya kopo.

Hodimo

Ditjeo

Tefiso e a fetofetoha ho ya ka bolelele ba sekepe



