Ditshebetso tsohle tse amanang le diphedi tse fetotsweng ho ya ka lefutso
Re a tsotella Re ya ikamahanya Re ya sebeletsa
Ditshebeletso tsa batho
Ditshebeletso tsa Mekgatlo
Ditshebeletso tsa dinaha tsa ka ntle
Kgetha puo
Tekolo ya disampole tsa semmuso tsa peo
Kopo ya ditokelo tsa bamedisi ba dimela
Kopo ya ho lemoha mokga wa semela
Ditshebetso tsohle tse amanang le diphedi tse feto
Dintlha tsa boikgethelo
Hatisa leqephe lena
Romela leqephe lena ka e-mail
Iteanye le rona
Mmapa wa saete
Leqephe la ho qala
Ditshebeletso tsa Mekgatlo
Diphemiti le dilaesense
Ditshebetso tsohle tse amanang le diphedi tse feto
Kopo ya tumello ya ditshebetso tsohle tse amanang le diphedi tse fetotsweng ho ya ka lefutso mona Afrika Borwa
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona
Lefapha la Temo le laola Genetically Modified Organisms Act, 1997 (Molao wa Diphedi tse Fetotsweng ho ya ka Lefutso, 1997). Hona ho kenyeletsa ho ntshuwa ha ditumello, nehelano ya matla kapa disetifikeiti tsa:
ho kenya hara naha diphedi tse fetotsweng ho ya ka lefutso (di-GMO) mona Afrika Borwa ho romela kantle ho naha di-GMO ho tswa Afrika Borwa ho sebedisa di-GMO tlasa taolo ya laboratori, kamoreng ya ho hodisa kapa ntlo ya dimela tse tala ho kenya GMO ka sepheo tikolohong ya Afrika Borwa moo ho tsamaiswang tokollo ya teko ntshetsopele kapa katoloso ya ditshebetso tsa nako e fetileng tse nehuweng matla ho hleka thepa (ho neha matla a tshebediso jwalo ka dijo, furu (phepo) kapa bakeng sa ho etsa dihlahiswa) ya di-GMO
ngodiso ya ditlhophiso tse amehang ditshebetsong tsa di-GMO
Hodimo
Mehato e latelwang
Fumantsha hore ke nehelano efe ya matla eo o e hlokang mme o tlatse foromo e tshwanelehileng.
Hlokomela dintho tse hlokwang pele bakeng sa dikopo tse itseng:
o tokollo ka bophara ya dikopo e tlameha ho etellwa pele ka ho tlatsa ditshebetso tikolohong ya Afrika Borwa nakong ya dinako tse tharo tsa temo o dikopo tsa ho tswela pele ka tshebetso di tla amohelwa feela ha tshebetso e ne e nehilwe matla nakong e fetileng.
Romela kopo mmoho le palo e behilweng ya dikopi ho Mongodisi wa di-GMO.
Romela kopi e eketsehileng ya kopo, e sa fuparang tlhahisoleseding ya sephiri ya kgwebo, ho Mongodisi wa di-GMO.
Lefa tefiso e balletsweng (e ntjhafatswa selemo le selemo).
Romela tlaleho ya ditshebetso tse tsamaisitsweng nakong e fetileng (moo ho tshwanelehileng).
Romela bopaki ba ditsebiso tsa bohle (moo ho tshwanelehileng).
Bakopi ba tshwanela ho sebedisa ditataiso tse latelang:
Hodimo
Molao o sebediswang
Hodimo
Maemo a tshebeletso
Mongodi o hlomamisa ho tsamaelana ha kopo le dipehelo tsa Genetically Modified Organisms Act, 1997 (Molao wa Diphedi tse Fetotsweng ho ya ka Lefutso, 1997).
Komiti ya Boeletsi e hlahloba data ya saense e rometsweng le kopo mme e etsa dikgothaletso mabapi le polokeho ya tshebetso e rerwang ho Lekgotla la Phethahatso.
Mongodisi o fumana diphehiso tsa setjhaba (tsa bohle) nakong e dumelletsweng.
Lekgotla la Phethahatso le etsa qeto mabapi le kopo, le ela hloko kopo, dikgothaletso tsa Komiti ya Boeletsi, diphehiso tsa setjhaba le diphetho tse ka bang teng ho dikarolo tse kang tsa temo, bophelo, tikoloho, basebetsi, kgwebo le saense le ntshetsopele ya teknoloji.
Ha qeto ya Lekgotla la Phethahatso e le e dumelang, Mongodisi o nehelana ka matla a ho ntshuwa ha tumello.
Ditumello tsohle di felehetswa ke dipehelo tsa ditshelo (ho tshwara).
Bahlahlobi ba tswang ho Lefapha la Temo ba latela ho phethahatswa ha dipehelo tsa tumello.
Hodimo
Ditjeo
Ho kenya / ho ntsha ka hara naha di-GMO
Tshebediso e setshelong ya di-GMO
Tokollo ya teko
Tokollo e phatlaletseng le thekiso
Tefo ka ho otloloha le 15% ya tefiso ya tshebetso
Boipiletso
Potlakiso
Ngodiso ya ditlhophisetso
Hodimo
Diforomo tse tlatsuwang
Diforomo di fuwa ka tsela ya PDF. Ho bula ditokomane tsa PDF o tshwanela o be le Adobe Acrobat Reader 4 kapa hodingwana e kentsweng ho khompyuthara ya hao.
Hodimo
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona
Letsatsi la ho qetela leo dintlha di lekotsweng butjha ka lona:
Iteanye le rona
Mmapa wa saete
Dipehelo le maemo a tshebediso
