﻿
Ho Etsa hore ditokomane tsa semmuso le Ditifikeiti tsa Basebedisi e be tse Molaong
Tlhaloso
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona

Tlhaloso

Ho kenya molaong kapa ho dumella ditokomane ke tshebetso ya ho tiisetsa ditshaeno le mokgwa oo ditokomane di kwalwang ka thata, di kgomaretswang ha di kwalwa mme di saenwang ka Apostille Certificate , kapa ka Setifikeiti sa Tiisetso moo dinaha e seng ditho tsa The Hague Convention.

Legalisation Section :

e kenya molaong ditokomane tsa semmuso tsa setjhaba tse hlahiswang ka hara naha ya Afrika Borwa hore di ilo sebediswa ka ntle ho Rephaboliki ya Afrika Borwa ka mokgwa wa Apostille Certificate kapa Setifikeiti sa Tiisetso
e neha dikhastama ditataiso bakeng sa ho fumana ditshaeno kapa ditokomane tse nepahetseng
e neha dikhastama lesedi ka mohala, poso kapa e-meile.

Baemedi ba Afrika Borwa ba leng mose ba ka kenya molaong ditokomane tsa semmuso ha feela di ile tsa kengwa molaong kgetlo la pele ke Bolaodi bo tshwanetseng ba Matjhabeng kapa Legalisation Section e Lefapheng la Ditaba tsa ka Ntle ho Naha. Baemedi ba Afrika Borwa ba ke ke ba kgona ho fana ka di-Apostille Certificate – ke Ditifikeiti tsa Tiisetso feela.

Hodimo

Mehato e latelwang

Qala, ka ho hlwaya hore ke tokomane efe eo o batlang ho e etsa hore e be molaong.

Legalisation Section e ka fana ka tiisetso e tshwanetseng kapa Apostille Certificate ka ho ya ka melawana ena e latelang:


Tokomane ha se ya kgale ho fetang selemo se le seng.

O lokela ho tsebisa Legalisation Section ka naha eo tokomane e tla sebediswa ho yona, ho etsa hore e bone hore na ho hlokeha Apostille Certificate kapa Setifikeiti sa Tiisetso.

Pele Legalisation Section e ka fana ka Setifikeiti sa Tiisetso kapa Apostille Certificate e tshwanetseng, tokomane e lokelwa ho etswa e molaong ke:


Makgistrata, Makgistrata e mong wa Tlatsetso Mothusi wa Makgistrata

Mongodisi kapa Mothusi wa Mongodisi wa Lekgotla le Phahameng la Dinyewe la Afrika Borwa.




Romela ditokomane ho Legalisation Section ka o mong wa mekgwa ena e latelang:


Ka bowena – Ditokomane tse romelwang ka bowena di ka nkuwa feela ka bopaki ba kamohelo. O fuwa setlankana se bolelang hore di amohetswe ka mora ho ba o ba nehe ditokomane tsa hao.

Ka courier - Courier e tla fuwa setlankana sa pokello, se tla hlokeha ha ba tlilo lata ditokomane. O lokela hore hape o lefe courier hore e kgutlise ditokomane tsa hao.

Ka poso e ngodisitsweng kapa e potlakileng – kenya omfolopo eo wena o ingoletseng aterese ho yona, ya pre-paid  ya boholo ba A4 ho etsa hore ba Legalisation Section ba kgone ho kgutlisa ditokomane ho wena. Ho be le lengolo le tsamayang le hoo, le bolelang palo ya ditokomane tse lokelwang ho etswa tse molaong, naha eo hlokang hore ditokomane tseo di be molaong, le dintlha tsa hao tse felletseng tsa moo ho ka iteangwang le wena, mme tsona di ye le ditokomane.

Ka Moemedi wa Afrika Borwa ya leng mose .



Ditokomane tse latelang ha di a amoheleha:

Ditokomane tse kgutsufaditsweng kapa dikgatiso tsa khomputara.

Dikhopi tse tiiseditsweng tsa ditifikeiti tsa lenyalo, tswalo, ho hlokahala kapa police clearance.

Dikhopi tse tiiseditsweng tsa Ditifikeiti tsa Boemo ba Lenyalo  kapa Bopaki ba Boahi ba Naha.

Dikhopi tse tiiseditsweng tsa ditokomane tsa ho eta kapa ditokomane tsa boitsebiso.

Ditokomane tse tiiseditsweng tse entsweng ke Bakhomishenara ba Kano hore ke dikhopi tsa nnete tsa sethathong. Notary Public e lokela ho di tiisetsa.


Ditokomane tse latelang ha ho hlokehe hore di etswe tse molaong pele ke Lekgotla la dinyewe jwalo ka ha ho boletswe mona ka hodimo, ha feela di saennwe ke motho ya leng taolong ya tsona ya fanang ka tsona:

Ditifikeiti tse sa kgutsufatswang kapa tse felletseng tsa tswalo, lenyalo le/kapa ho hlokahala le mangolo a tiisetsang boahi ba naha ba motho, tse saennweng le ho tempuwa ke mosebeletsi ya dumelletsweng wa Lefapheng la Ditaba tsa ka Hara Naha.

Dipampiri tsa ho adoptha tse sannweng tsa ba tsa tempuwa ke Mongodisi wa Diadopshene Lefapheng la Toka.

Ditokomane tsa diyantle tse saennweng le ho tempuwa ke ba Chamber of Commerce.

Ditifikeiti tsa Thuto tse saennweng le ho tempuwa ke mosebeletsi ya dumelletsweng Lefapheng la Thuto.

Ditifikeiti tsa di-Police Clearance tse saennweng le ho tempuwa ke ba Setsi sa Direkoto tsa Botlokotsebe sa Ditshebeletso tsa Sepolesa sa Afrika Borwa .

Lengolo la Ho se Sitise  le saennweng le ho tempuwa ke mosebeletsi wa Lefapheng la Ditaba tsa ka hara Naha.

Ngodiso ya khampani e saennweng le ho tempuwa ke Mongodisi wa di- Close Corporation.

Ditifikeiti tsa Bongaka tse tempuweng le ho saenwa ke bahlanka ba dumelletsweng ba Khansele ya Diprofeshene tsa Bophelo.

Ditokomane tse mabapi le ho tsamaiswa ha mehlape, ho kenyelletswa le diphoofolo tsa lapeng, di lokelwa ho tempuwa mme di saenwe ke Ngaka ya Diphoofolo ya Mmuso e dumelletsweng.


Hodimo

Molao o sebediswang

The Hague Convention of 5 October, 1961
Rule 63 of The Rules of the Supreme Court of South Africa, as amended by Government Notice R.500 dated 12 March 1982 and R.801 dated 23 April 1982 
Rules of the High Court of South Africa as published in Government Notice R.277 dated 3 March 1967 

Hodimo

Maemo a tshebeletso

Dinako tsa ho sebetsa tse buletsweng setjhaba ke Mantaha ho isa Labohlano, 08:30 – 12:30 

Legalisation Section e tla fana ka tsebiso ya matsatsi a supileng ka ho kwalwa e leng nako eo e seng ya letsatsi la phomolo la setjhaba.


Hodimo

Ditjeo


Ha ho na tjhelete e lefiswang bakeng sa ho sebetsana le ditokomane.

Hodimo

Diforomo tse tlatsuwang

Ha ho na diforomo tse tlatswang, empa ka mehla bolela naha eo o batlang ho sebedisa tokomane ho yona.

Hodimo

Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona


