﻿
Kopo ya laesense ya moithuti
Tlhaloso
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona

Tlhaloso

Laesense ya moithuti ke laesense e fumanehang e tiisang hore o na le tsebo ya qalo ya ho kganna koloi. Dikhoutu tsa laesense ya moithuti di arotswe ho ya ka mekgahlelo e meraro le totobatso ya dilemo e kgomathisitsweng ho khoutu ka nngwe.

Khoutu ya 1: Sethuthuthu sefe kapa sefe


Sethuthuthu se fihlang ho 125cc – dilemo tse 16.
Sethuthuthu se ka hodimo ho 125cc – dilemo tse 18.

Khoutu ya 2: Koloi e bobebe

Koloi e bobebe – dilemo tse 17

Khoutu ya 3: Koloi e nngwe le e nngwe kapa tse kopaneng –dilemo tse 18.

Bakopi ba ke ke ba hlahlojwa ka letsatsi le kopilweng mme nako ya ho ema bakeng sa tlhahlobo e fapana ho ya ka boramotse/masepala.

Laesense ya moithuti e dumelletswe ho sebetsa dikgwedi tse 18 mme e ke ke ya atoloswa.





Hodimo

Mehato e latelwang

Ho etsa kopo ya laesense ya moithuti tlatsa foromo ya  setsing sa tlhahlobo sa lehae la heno.
Hlahisa boitsebiso le dikhopi tse amohelehang jwalo ka ha ho hlalositswe ke Molao wa Naha wa Sephethephethe sa Mebileng, wa selemo sa 1996 , ID ya nakwana, phasepoto ya Afrika Borwa).
Fana ka dinepe tse pedi tsa ID tsa mmala o motsho le o mosweu.
O tla kotjwa ho etsa teko ya mahlo setsing sa teko.
Lefa
tjhelete e behetsweng.

Hodimo

Molao o sebediswang



National Road Traffic Act, 1996  

Hodimo

Maemo a tshebeletso

Laesense ya moithuti e latwa ka letsatsi leo e kotjwang ka lona.

Hodimo

Ditjeo

