

Kopo ya ho fuwa ditifikeiti tsa International Seed Testing Association 

Tlhaloso
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona

Tlhaloso

Jwalo ka laeborari eo eleng setho se ananetsweng semolao  asoseshene g ya matjhaba ya hlahlobo ya peo e tsejwang ka International Seed Testing Association , seteishene se molaong sa hlahlobo ya peo e leng Official Seed Testing Stations  sa Lefapha la Temo se dumelletswe ho fana ka Ditifikeiti tsa Matjhaba tsa ho Hlahlojwa ha Peo. Ditifikeiti tsena ho fanwa ka tsona bakeng sa morero wa ho romela thepa dinaheng tse ding.

Ho na le mefuta e meraro ya ditifikeiti tseo ho fanwang ka tsona, mme tsona ke Seed Lot Certificates  le Seed Sample Certificate .

Setifikeiti se Lamunu ho fanwa ka sona ha sampole e nkuwe semmuso ho lot mme dihlahlobo di etswa tlasa bolaodi ba laboratori e tshwanang e anaetsweng eo e leng yona e ntshitseng sampole.
Setifikeiti se Tala se tswa ha sampole e nkuwe semmuso ho tswa peong tlasa bolaodi ba laboratori e ananetsweng empa dihlahlobo di etswa laboratoring e nngwe e ananetsweng naheng e fapaneng.
Setifikeiti se Bolou se ntshiwa ha sampole e se tlasa boikarabelo ba laboratori e ananetsweng mme laboratori eo e ananetsweng e na le boikarabelo feela bakeng sa ho hlahloba sampole.
Ditifikeiti tse Lamunu le tse Tala di sebetsa peong eo di nkuweng ho yona, ha Setifikeit se Bolou sona se sebetsa feela sampoleng e fumanweng bakeng sa hlahlobo.

Hodimo

Mehato e latelwang

Bula mme o tlatse diforomo tsa kopo bakeng sa Orange International Certificate weposaeteng. Jwalo ka ha laboratori e ananetsweng naheng e fapaneng e tla fana ka Setifikeiti se Setala, o kotjwa hore o iteanye le ba OSTS .
Kopa ho fuwa dinoro tsa semmuso tsa seed lot.
Romela dikopo ka fekse ho ba OSTS .
Dinomoro tsa seed lot di tla ajwa e be kopo e kgutlisetswa morao ho wena ka fekse. E tla romelwa hape ka fekse ho mohlanka ya dumelletsweng wa tlhakiso  diofising tsa lebatowa, e leng ya tla etsa disampole.
Lokisetsa di-seed lot bakeng sa disampole. Hona ho kenyelletsa ho tshwaya lot ka dimoro tse fuweng lot. Setshelo ka seng se lokelwa ho tshwauwa  kapa di fuwe leibole e bolelang nomoro e abilweng ya lot
Ha di-seed lot di se di loketse ho etsa disampole, bitsa mohlakisi ho tla nka disampole.
Disampole di nehwa ba OSTS e be a hlahlojwa boleng mme ho fanwe ka setifikeiti se tshwanetseng.
Lefa tefello ya ho hlahlojwa ha peo. Ha o fumana disampole, o tla be o se o fuwa le tshupamolato. Dintlha tse mabapi le ho banka ke tsena:

Banka: Standard Bank
Lebitso la lekala: Arcadia
Khoutu ya lekala: 01-08-45
Nomoro ya akhaonte: 011244887
Lebitso la akhaonte: NDA : Seed Testing Services

Tefello e ka etswa ka mokgwa wa elektroniki kapa khaontareng, empa ho bohlokwa hore hobolelwe nomoro ya tshupamolato bakeng sa hore ba kgone ho amahanya tjhelete e kentsweng le tshupamolato eo ho fanweng ka yona.
Etsa kopo ya Setifikeiti se Bolou ka lengolo le nang le di-letterhead tsa mokgatlo wa lona, hobane ho tshwauwa ha di-seed lot mmoho le ho etswa disampole tsa semmuso ho ke ke ha amohelwa.

Hodimo

Molao o sebediswang

Ha ho na molao o sebediswang.

Hodimo

Maemo a tshebeletso

Official Seed Testing Station ba beha ka pele lenaneng hlahlobo ya disampole tsa peo bakeng sa merero ya ho romela ka ntle. Mefuta e fapaneng ya dimela le maemo a fapaneng a hlahlobo ekasitana le nako ya hlahlobo di ka fapana ka matsatsi a mmalwa ho ya dibekeng tse mmalwa.

OSTS e phehella ho nontsha disampole tsa peo ho tswa pokellong e le nngwe e tlasa maemo a tshwanang a hlahlobo. Hape ho ka kotjwa mefuta e fapaneng ya dihlahlobo bakeng sa tlelaente. Ka hoo, ha ho na tlhahisoleseding ya maemo a tshebeletso eo ho ka fanwang ka yona. Botsa sebakeng seo ka bosona .

Hodimo

Ditjeo

