

Kopo ya tlhahisoleseding ho tswa deeds registry

Tlhaloso
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona

Tlhaloso

Deeds registry  e buletswe setho sefe kapa sefe sa setjhaba hore se fumane tlhahisoleseding e mabapi le ho latelang:

monga thepa ya ngodisitsweng

dipehelo tse amang thepa eo

dithibelo le dikonteraka tse mabapi le thepa

theko ya thepa

melawana e mabapi le sectional title scheme

khopi ya antenuptial contract , deeds of servitude, mortgage bonds, jj.

khopi ya sectional title plan kapa melawana ya Sectional Title Scheme. 

township establishment conditions

tlhahisoleseding e amanang le thepa kapa tokomane ya bopaki ba monga thepa.


Hodimo

Mehato e latelwang

Pele ho ka fumanwa tlhahisoleseding ho tswa deeds registry, o lokela ho dula o na le tsena tse latelang di lokile:


mabitso a felletseng le/kapa nomoro ya boitsebiso ya monga thepa, kapa bonyane letsatsi la hae la tswalo. 
Erf number  e nepahetseng le lebitso la lekeishene kapa polasi le nomoro, e seng aterese ya seterata. 
 e nepahetseng le lebitso la lekeishene kapa polasi le nomoro, e seng aterese ya seterata. 

Bakeng sa ho fumana khopi ya deed kapa tokomane ho tswa deeds registry, o lokela


ho ya ofising efe kapa efe ya di-deeds 
e ya tafoleng eo o tla fumana lesedi ho yona moo mohlanka a tla ho thusa ho tlatsa foromo e beuweng mme a ho hlalosetse le ka mekgwatshebetso
kopa data typist hore a phenyekolle thepa eo bakeng sa hao mme
o lefe tefello e hlokehang ofising ya cashier e be o nka setlankana o se kgutlisetse ho mohlanka ya leng tafoleng eo o fumanang lesedi ho yona. Nomoro ya setlankana e tla kengwa ho khopi ya thaetlele ya hao.


Hodimo

Molao o sebediswang

Deeds Registries Act, 1937  

Hodimo

Maemo a tshebeletso

Phenyekollo e ka nka metsotso e 30 ho ya ho e 60. Ho tse ding tsa diofisi tse kgolo, khopi ya deed e ya poswa kapa o lokela ho e lata ka mora nako e itseng.

Hodimo

Ditjeo

Khopi ya antenuptial contract kapa deed bakeng sa morero wa tlhahisoleseding: R36

Khopi ya township establishment conditions: R4 leqephe ka leng

Phenyekollo ya Deeds: R6

Kgatiso ya Khomputara: R6 kgatiso ka nngwe


Hodimo

Diforomo tse tlatsuwang

Mohlanka wa mane ofising ya di-Deeds o tla ho neha foromo hore o e tlatse.

Hodimo

Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona


