
Kopo ya saposidi e le nngwe ya ntlo
Tlhaloso
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona

Tlhaloso

Saposidi e le nngwe ya ntlo ke thuso ya mmuso e fuwang batho ba batlang ho ba beng ba ditsha tse fumanang ditshebeletso. E dumella moamohedi ho kena konterakeng ya ho haha ntlo, kapa ho reka ntlo ya bodulo e ntseng e le teng mme e ntlafaditswe eo e seng karolo ya projeke e ananetsweng ya saposidi ya matlo.

Saposidi ena hape e thus a baamohedi ba tshwanelehang ba batlang ho eketsa disaposidi tsa bona ka ho fumana mokitlane, ekasitana le baamohedi ba sa tshwaneleheng ho fumana mokitlane.

Batho ba nang le ditlhoko tsena tse latelang ba ka etsa kopo:

moahi wa Afrika Borwa ya nang le phemiti ya saruri ya bodulo
ya nyetseng kapa ya dulang le molekane wa nako e telele
batho ba eso ka ba nyala ba ka hodimo ho dilemo tse 21 mme ba na le bahlokomelwa ba bona
kuno ya kgwedi le kgwedi ya lelapa lohle e le R3 500 kapa ka tlase
motho ya eso ka a ba monga thepa kapa yona ntlo pejana 
bakopi ba sa itekanelang ba etsang kopo bakeng sa mefuta e ikgethang .

Hodimo

Mehato e latelwang

Tlatsa foromo ya kopo e fumanehang feela Lefapheng la Matlo la Provinse, dibankeng le ho bomasepala.
Isa foromo ho conveyance ho ya tlatsa Karolo ya G.
Isa foromo ho Mokadimisani kapa setheong sa ditjhelete ho ya tlatsa Karolo ya H haebe ke dikopo tse amahantsweng le mokitlane.
Isa foromo ho contractor ho ya tlatsa Karolo ya I haebe ke matlo a matjha a sa tswa hahuwa.
Etsa kano ho Mokhomishenara wa Kano.
Hokela ditokomane tsohle tsa tiisetso:

tokomane ya boitsebiso
setifikeiti sa lenyalo 
setifikeiti sa tswalo
bopaki ba kuno , le
tokomane  ya thekiso.


Hodimo

Molao o sebediswang



Housing Act, 1997  

Hodimo

Maemo a tshebeletso

Maemo a tshebeletso a fapana ho ya ka mofuta wa kopo.

Hodimo

Ditjeo

Tshebeletso ena ke mahala.

Hodimo

Diforomo tse tlatsuwang



Application for an individual housing subsidy

Hodimo

Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona


