
Kopo ya tumello ya ho amohela setswantle sa sepalangwang se seng setjha kapa se sebeditseng



Tlhaloso

Ha o batla ho amohela setswantle sa sepalangwang se seng setjha kapa se sebeditseng mona Afrika Borwa, o hloka tumello e ikgethang e tswang Ofising ya Letona la Kgwebo le Indasteri kapa diakgente tsa yona. Ofisi ya Letona e tla fihlella qeto ya hore na hoo ho molemong wa setjhaba hore dipalangwang tse seng ntjha kapa tse sebeditseng di amohelwe jwalo ka ditswantle.

O tlameha ho nehelana ka foromo e balletsweng ya kopo ho etsa kopo ya ditumello tsa ho amohela setswantle. Ditumello tsa ho amohela ditswantle di a hlokeha bakeng sa diphahlo tsohle tse tlasa taolo ya mehato ya ditswantle.

Ditumello tsa ditswantle di hlokwa ho etsa bonnete ba hore diphahlo tse amohetsweng e le ditswantle ha di bolae indasteri ya South African Customs Union  . Tshebeletso ena e kgothaletsa taolo ya ho bolokeha le mabaka a ho kgotsofatsa boleng.

Ha o batla ho tseba haholwanyane, e ya ho ba International Trade Administration Commission.


Mehato e latelwang

Ntsha foromo ya kopo, IE 462.
Nehela Lefapha kopi e tiiseditsweng ya bukana ya hao ya boitsebiso.
Nehela Lefapha kopi e tiiseditsweng ya setefikeiti sa ngodiso ya sepalangwang.
Romela foromo ho Lekala la Bolaodi: Import and Export Control of the International Trade Administration Commission  .

Molao o sebediswang

International Trade Administration Act, 2002  

Maemo a tshebeletso

Ho ka nka ho a fihla ho matsatsi a mararo ho hlophisa kopo ya hao.

Ditjeo

Tshebeletso ena ke ya mahala.

Diforomo tse tlatsuwang

Application for Importation of second hand or used vehicle 

Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona


