

Kopo ya ho kenya ditswantle tsa dihlahiswa tsa deiri kapa ho di tsamaisa ho feta Afrika Borwa

Tlhaloso
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona

Tlhaloso

Ho hlokahala tumello ya setswantle ya ngaka ya diphoofolo ho kenya ditswantle tsa dihlahiswa tsa deiri Afrika Borwa kapa ho di tsamaisa ho feta hara naha.

Ditumello tsa setswantle di molaong bakeng sa nako e kgutshwane mme bakeng sa thomelo e le nngwe.

Etsa kopo ya tumello bonyane dibeke tse tsheletseng empa e seng ka nqane ho dibeke tse robedi pele ho ketsahalo e rerwang.

Hodimo

Mehato e latelwang

Tlatsa foromo ya kopo.
Ha dihlahiswa di le tseleng e fetang Rephaboliking ya Afrika Borwa, nehelana ka kopi ya tumello ya setswantle ya ngaka ya diphoofolo ya naha eo thepa e tlang ho fella ho yona mmoho le kopo ya tumello ya ho feta ya ngaka ya diphoofolo ya Afrika Borwa.
Kenya tefiso ya tumello akhaonteng ya banka ya Department of Agriculture:

Name of bank: Standard Bank of South Africa
Name of account holder: Department of Agriculture
Account no: 011219556 International Band
Branch: 010845
IB BRAND 0001982 Centre code
Swift Code SBZA-ZAJJ
Name of branch: Arcadia

Thusa o hlokomele: Moreki wa setswantle o na le boikarabelo bakeng sa ditefello tsa banka mmoho le ditefello tsa Dibanka tsa Ditjhaba Lefapha le ke ke la ntsha tumello ha tefiso e feletseng ya diRanda tse lekgolo  e sa amohelwa.

O ka hokela tjheke, e lefshwang ho Director-General: Agriculture, foromong ya kopo mme o e posetse atereseng o tla e nehwa ha mmamorao.

Hape o ka etsa ditefo ofising ya Lefapha la Temo, le ngotsweng lenaneong tlasa dibaka tsa dikgokahano.

Ha o etsa kopo lebitsong la motho e mong, thusa o etse bonnete ba hore o lefe tlasa lebitso la motho eo kapa lebitso la khampani.
Ha ho kopo e tla hlophiswa ntle le bopaki ba tefo. Bopaki ba tefo bo ka romelwa ka fekse mona: 012 329 8292, bakeng sa tlhokomelo ya: Ina Labuschagne.
Romela diforomo tse tlatsitsweng ho:

The Director: Animal Health
Import Export Policy Unit
Private Bag X138
Pretoria
0001
South Africa
kapa romela Fekse mona: 012 329 8292

Bolela foromong ya kopo hore na o tla lata tumello kapa e romelwe ho wena ka poso. Botsa ofisi ya tumello ka founu hore na tumello e lokile pele o tlilo e lata.

Ha re fumane foromo e tlatsitsweng ya kopo, re tla ntsha mme re romele ho wena ka ho otloloha Tumello ya Setswantle ya Ngaka wa Diphoofolo mme le mohlala wa Lengolo la Bopaki la Bophelo la Ngaka ya Diphoofolo.
Lengolo lena la Bopaki la Bophelo la Ngaka ya Diphoofolo le tlameha ho tlatswa, ka Senyesemane, ke ngaka ya diphoofolo e nehuweng matla a ho etsa jwalo ke Veterinary Administration ya naha e romellang, mme e hatisitsweng pampiring ya bona e molaong ho sa feta matsatsi a leshome pele dihlahiswa di tsamaiswa.
Ha o hloka tlhahisoleseding ka dintlha tse tobileng tsa ditlhoko tsa sehlahiswa se kgethehileng, o ka fumana dikopi tsa mehlala ho Veterinary Import Permit le Veterinary Health Certificate Ofising ya Dutumello.
Dintho tse latelang di tlameha ho nehelwa ho South African Veterinary Import Control Officer Ledibohong la ho Kena:


Tumello ya Sethatho ya Setswantle ya Ngaka ya Diphoofolo
Lengolo la Bopaki la Sethatho la Bophelo la Ngaka ya Diphoofolo.


Dihlahiswa tsa deiri di tlameha ho hlahlojwa ho se seng sa ditsha tse latelang tsa tlhahlobo:

Durban: Tel: 031 337 4346/7
Cape Town: Tel: 021 551 2050
City Deep Abattoir : Tel: 011 613 1636
Port Elizabeth : Tel: 041 585 8907

Ditlhoko tsa setswantle di a fumaneha Ofising ya Ditumello kapa ho website ya Lefapa la Temo.

Hodimo

Molao o sebediswang



Animal Diseases Act, 1984   with amendments

Hodimo

Maemo a tshebeletso

Ho nka matsatsi a mabedi ho ya ho a mararo a ho sebetsa ho hlophisa tumello ha ngaka ya diphoofolo ya mmuso e e amohetse.

Hodimo

Ditjeo

R1 000 for the first consign-ment plus.
R115 for each additional consignment in respect of group of consignments con-signed on the same day.

Hodimo

Diforomo tse tlatsuwang



Application to import/move in transit dairy products into/through the Republic of South Africa 

Hodimo

Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona


