
Kopo ya ho amohela ditswantle tsa diphoofolo le dintho tsa lefutso
Tlhaloso
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona

Tlhaloso

Tumello ya ho amohela ditswantle e tswang ho Registrar of Animal Improvement  e a hlokahala pele o ka amohela ditswantle tsa diphoofolo kapa dintho tsa lefutso tse kang di-embriyo, di-ova kapa lero la botona mona Afrika Borwa.

Mokopi o tlameha ho ba motho ya molaong, mohlala, John Peter Citizen, kapa John Peter Citizen T/A Diepsloot Stud, kapa Diepsloot Stud CC, kapa Diepsloot Stud  Ltd, kapa Diepsloot Ltd.

Ha mokopi a sa saene kopo ka boyena, lengolo le nehang matla motho ya saenang jwalo ka akgente hore a saene kopo lebitsong la mokopi, le tlameha ho felehetsa kopo.

Ha mokopi a kene tumellanong le monehelani wa baditjhaba wa phoofolo kapa ntho e tla amohelwa jwalo ka setswantle tlasa dipehelo tseo dikabelo, ditefiso kapa ditesello di tla lefshwa ka hodima poreisi ya theko, kopo e tlameha ho felehetswa ke lengolo la tiiso la Molaodi Kakaretso wa Department of Trade and Industry  la hore Lefapha le amohetse tumellano e jwalo.

Hodimo

Mehato e latelwang

Laolla foromo ya kopo ho inthanethe mme o e tlatse ka botlalo ka dikopi tse pedi. Foromo hape e ka kotjwa ho Registrar of Animal Improvement .
Dikopo tse sa tlatswang ka botlalo di tla kgutlisetswa ho mokopi.
Hokela ditokomane tse latelang ho kopo:

lesika le atolositsweng la ditswala tse pedi
direkoto tsa tshebetso ya phoofolo
lengolo la bopaki la tlhophiso ya madi.

Tefello e nepahetseng e tlameha ho felehetsa kopo ka nngwe. Etsa tjheke kapa otoro ya poso e lefuwang ho: The Director-General: Agriculture.
Dintlha tsa banka ke:
Standard Bank
Lekala: Arcadia
Nomoro ya Akhaonte: 011219556
Khoutu ya lekala: 000845/010845
Romela dikopo ho mokgatlo o tshwanelehileng wa batswadisi kapa bolaodi bo ngodisang bakeng sa kgothaletso.
Romela kopo ho:
The Registrar of Animal Improvement
Private Bag X138
Pretoria
0001
The Animal Improvement Permit  e tla romelwa ho Directorate of Veterinary Services , bo tla nehelana ka Veterinary Import Permit . Ha ho foromo e eketsehileng e hlokehang bakeng sa Veterinary Import permit .
The Veterinary Import Permit  e na le ditlhoko tse ikgethang tse tshwanelang ho pakwa ke Ngaka ya Diphoofolo ya Mmuso ya naha e romelang setswantle pele thoto ya setswantle e romelwa. Ditlhoko di ka fumanwa ho Mookamedi e Moholo: Bophelo ba Diphoofolo .

Hodimo

Molao o sebediswang



Animal Improvement Act, 1998  
Animal Disease Act, 1984   with amendments

Hodimo

Maemo a tshebeletso

Kopo e ka hlophiswa nakong ya matsatsi a 30.

Hodimo

Ditjeo

R174

Hodimo

Diforomo tse tlatsuwang



Application for importation of animals and genetic material 

Hodimo

Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona


