
Kopo ya ho amohela setswantle sa dikhemikhale



Tlhaloso

Ha o batla ho amohela setswantle sa dikhemikhale mona Afrika Borwa, o hloka tumello e ikgethang e tswang Ofising ya Letona la Kgwebo le Indasteri kapa diakgente tsa yona. Ofisi ya Letona e tla etsa qeto ya hore na ke molemong wa setjhaba ho amohela setswantle sa dikhemikhale.

Mehato ya taolo ya ditswantle e nehelwang ke tshebeletso ena e kgothaletsa taolo bakeng sa bophelo ba tikoloho le tshireletso, mmoho le ho kgotsofatsa ho bolokeha le boleng. Hape e etsa bonnete ba hore dikhemikhale di kgotsofatsa ditlhoko tsa tikoloho.

Ha o batla ho tseba haholwanyane e ya ho ba Lefapha la Kgwebo le Indasteri.


Mehato e latelwang

Tlatsa diforomo tsa kopo tse fumanehang ho Department of Trade and Industry .
Nehelana ka kopi e tiiseleditsweng ya bukana ya hao ya boitsebiso le/ kapa lengolo la boemedi ha o etsa kopo bakeng sa khampani.
Romela diforomo tsa kopo ho Lekala la Bolaodi: Import and Export Control .

Molao o sebediswang

International Trade Administration Act, 2002  

Maemo a tshebeletso

Ho ka nka ho a fihla ho matsatsi a mararo ho hlophisa kopo ya hao.

Ditjeo

Tshebeletso ke ya mahala.

Diforomo tse tlatsuwang

Application for importation of chemicals 
Annexure to H464 application for importation of chemicals 
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona

