
Kopo ya tumello ya ho reka ditswantle tsa diente tsa diphoofolo ho kena Afrika Borwa
Tlhaloso
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona

Tlhaloso

Diente tsa ho sebediswa ho diphoofolo di ka rekwa e le ditswantle mme tsa hasanngwa kapa tsa rekiswa Afrika Borwa hang hoba di ngodiswe ho ya ka dipehelo tsa Molao wa Dinontsha, Diphepo tsa Mapolasing, Meriana ya tsa Temo le Meriana ya Diphoofolo, 1947  .

Ho reka setswantle sa ente e ngodisitsweng bakeng sa diphoofolo, o tlameha ho fumana tumello ya setswatle ho Directorate Animal Health. Tumello ena ya setswantle ke ya nako e kgutshwane mme bakeng sa thumelo e le nngwe feela.


Ha o batla ho reka ente ya setswantle e sa ngodiswang bakeng sa teko mona Afrika Borwa, o hloka ditumello tse pedi. Tumello e nngwe ke ya Registrar of Act 36 of 1947 mme e nngwe ke ya Directorate Animal Health. Kopo ya tumello e tswang ho Registrar of Act 36 of 1947 e tlameha ho felehetswa ke prothokhole e feletseng ya teko e rerwang. Directorate Animal Health ba ntsha tumello hang ha ba fumana kopi ya tumello e ntshitsweng ke Registrar of Act 36 of 1947. Ente ya setswantle e batletsweng teko ha e a tshwanela ho rekiswa.

Maemong a tshohanyetso moo ho hlahang sewa sa lefu le etsahalang mme ho se na ente e ngodisitsweng e fumanehang hara naha, ho ka hlokahala hore ho sebediswe ente e sa ngodiswang. Mme wena, jwalo ka motho ya ka bang moreki wa setswantle, o tlameha ho etsa kopo ho Medicines Control Council bakeng sa tokollo ya Kgaolo 21 ho ya ka dipehelo tsa Medicines and Related Substances Control Act .

Hape o hloka, ho Directorate Animal Health, tumello ya ho reka setswantle bakeng sa ente hore e kene hara naha. Ba ntsha tumello ena hang hoba o fumane tumello ho Medicines Control Council le ho nehelana ka bopaki ho bona. Maemong ana, ente e sa ngodiswang e ka rekiswa bakeng sa nako e kgutshwane ho fihlella ngodiso e fumanwa.

Hodimo

Mehato e latelwang

Ha ente e sa ngodiswa mme e tla sebediswa ho teko, romela lengolo le saennweng le hlalosang pampiring e nang le lebitso la khampani ya hao ho Registrar of Act 36 of 1947 o kopa tumello ya ho kenya setswantle. Lengolo la hao le tlameha ho ba le dintlha tse latelang:

bongata
lebitso la sehlahiswa
metswako e sebetsang, ho kenyeletsa le ho loya
naha ya sethatho eo se tswang ho yona
mohlahisi
nomoro ya thumelo ya setswantle
leqephe la data ya botegniki kapa leibole  e fupereng nomoro ya ngodiso le lekgotla le laolang la naha moo sehlahiswa se ngodisitsweng ho yona
lediboho la ho kena
sehlahiswa se hlokwa neng
lebaka la hobane hona ho hlokwa bakeng sa diteko tsa ngodiso tsa setoko sa meriana.
maemo a ngodiso ya sehlahiswa dibakeng tse ding 
prothokholo e tebileng ya Teko , ho kenyeletsa le matsatsi a lebelletsweng a ho qadisa tlhokomelo e kgethehileng ya maemo a dijo ho tswa ho diphoofolo tse hlahisang dijo  le boikarabelo ka dithethefatsi.



Ha o fumana tumello ya setswantle ho Registrar of Act 36 of 1947, kapa tokollo ho ya ka dipehelo tsa Kgaolo 21 ya Molao 101 wa 1965, romela kopi ya yona mmoho le application for a veterinary import permit  ho Directorate Animal Health.
Ha ente e se e ngodisitswe bakeng sa tshebediso mona Afrika Borwa ho ya ka dipehelo tsa Molao 36 wa 1947, o hloka tumello e le nngwe feela ya bohlokwa, ho Directorate Animal Health. Romela kopi ya ngodiso ho ya ka dipehelo tsa Molao 36 wa 1947 mmoho le kopo ya hao.

Hodimo

Molao o sebediswang



Animal Diseases Act, 1984  

Medicines and Related Substances Control Act  

Fertilizers, Farm Feeds, Agricultural Remedies and Stock Remedies Act, 1947  


Hodimo

Maemo a tshebeletso

Thusa o etse kopo ya tumello ya setswantle ya ngaka ya diphoofolo bonyane dibeke tse tsheletseng pele ho theko ya setswantle. Hang ha ngaka ya mmuso ya diphoofolo e amohetse kopo, ho nka matsatsi a mabedi  ho ya ho a mararo  a mosebetsi hore ofisi ya tumello e sebetse mme e ntshe tumello.

Hodimo

Ditjeo

R110

Hodimo

Diforomo tse tlatsuwang



Application for a permit to import vaccines into the Republic of South Africa IMP.VAC00 

Hodimo

Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona


