
Kopo ya tumello ya nakwana ya ho amohela ditswantle tsa diphoofolo ka maikemisetso a kgethehileng a kang dipontsho, tshebediso ya makgulo bakeng sa kgwebo, makgulo le ho hlaba ka ho otloloha
Tlhaloso
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona

Tlhaloso

Diphoofolo di ka ba ditswantle ho sebediswa tumello ya nakwana ya setswantle bakeng sa:

diphontsho, dipepeso, ditlhodisano
tshebediso ya makgulo bakeng sa kgwebo
mokgabiso wa kgwebo makgulong kapa ho hlaba ka ho otloloha
ho nehela mohlapeng o tswadisang.

Dikopo tse sa tlatswang ka botlalo di tla kgutlisetswa ho mokopi mme ha ho boikarabelo bo tla amohelwa mabapi le tshitiso efe kapa efe e ka bang teng.

Kopo e tlameha ho nehelwa ho Registrar of Animal Improvement  nakong ya matsatsi a 30 pele ho kamohelo ya setswantle.

Hodimo

Mehato e latelwang

Laolla foromo ya kopo ho inthanethe mme o e tlatse ka ho arohanya ditlhaku o sebedisa ditlhaku tse kgolo.
Tefello e nepahetseng e tlameha ho felehetsa kopo ka nngwe. Etsa tjheke kapa otoro ya poso e lefuwang ho: The Director-General: Agriculture. Dintlha tsa banka ke:
Standard Bank
Lekala: Arcadia
Nomoro ya Akhaonte: 011219556
Khoutu ya lekala: 000845/010845
Bakeng sa ditshebeletso tsa ngaka ya diphoofolo kapa nehelo ya nakwana ho mohlape wa ho tswadisa, tumello e tlameha ho fumanwa ho mokgatlo o amehang wa batswadisi.
Romela kopo ho:
The Registrar of Animal Improvement
Private Bag X138
Pretoria
0001

Hodimo

Molao o sebediswang



Animal Improvement Act, 1998  

Hodimo

Maemo a tshebeletso

Kopo e tla amohelwa nakong ya matsatsi a 30.

Hodimo

Ditjeo

Dipontsho, ditshebeletso tsa ngaka ya diphoofolo le nehelo ya nakwana ho mohlape wa ho tswadisa: R230
Tshebediso ya makgulo bakeng sa kgwebo: R86
Mokgabiso wa kgwebo makgulong kapa ho hlaba ka ho otloloha: R65

Hodimo

Diforomo tse tlatsuwang



Application to import animals for certain purposes  
Application to import animals for certain purposes  
Application to import animals for certain purposes  

Hodimo

Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona


