
Kopo ya ho tlisa diphoofolo le dihlahiswa tsa diphoofolo ka hara Afrika Borwa
Tlhaloso
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona

Tlhaloso

Phemiti ya ditswantle bongaka ba diphoofolo e ya hlokeha bakeng sa ho tlisa diphoofolo kapa dihlahiswa tsa diphoofolo ka hara Rephaboliki ya Afrika Borwa.

Ho na le ditumellano tsa bohlokwa tse entsweng bakeng sa diphoofolo le dihlahiswa tsa diphoofolo. Jwalo ka ha ditlhoko tsa bophelo bo botle di fetoha nako le nako, o kotjwa hore o iteanye le ba Bolaodi ba Bophelo bo Botle ba Diphoofolo hore o fumane ditlhoko tsa moraorao.

Hodimo

Mehato e latelwang

Tlatsa foromo ya kopo. Iteanye le ba Bolaodi ba Bophelo bo Botle ba Diphoofolo ha o se na bonnete ba hore ke foromo efe eo o lokelang ho e tlatsa.
Kenya tjhelete ya tefello ya phemiti akhaonteng ya banka ya Lefapha:
Lebitso la banka: Standard Bank of South Africa
Lebitso la monga akhaonte: National Department of Agriculture
Nomoro ya akhaonte.: 011219556 International Band
Lekala: 010845
IB Brand 0001982 Centre Code
Swift Code SBZA-ZAJJ
Lebitso la lekala: Arcadia
Tsebiso ya bohlokwa: Referense e lokela ho ba lebitso le sefane sa motho ya tlisang thepa ho tswa ka ntle
O ko tjwa hore o ele hloko: Motho ya tlisang thepa ho tswa ka ntle o na le boikarabelo ba ditefiso tsa banka ekasitana le ditefiso tsa Banka ya Naha tsa Ka Ntle . Lefapha le ke ke la fana ka phemiti haebe tefello e felletseng ya ZAR110 ha eso ka e fumanwa.
Tjheke e ngotsweng ka lebitso la Director-General: Agriculture, e ka hokelwa foromong ya kopo mme ya posetswa atereseng ena e ka hodimo.
Ditefello di ka etswa hape le diofising tsa Lefapha la Temo tse boletsweng tlasa sehlooho se reng Bao o ka Iteanyang le bona mmoho le dibaka.
Ha o etsa kopo lebitsong la motho e mong, o kotjwa hore o etse bonnete ba hore o lefa lebitsong la motho eo kapa khampani eo.
Ha ho na kopo e tla sebetswa ntle le bopaki ba tefello. Bopaki ba tjhelete e kentsweng bo lokelwa ho romelwa ka fekse nomorong ena: 012 329 8292 bo lebiswe ho: Ina Labuschagne.
Romela diforomo mona:
The Director: Animal Health
Import Export Policy Unit
Private Bag X138
Pretoria
0001
South Africa
Kapa fekse ho 012 329 8292
Bolela foromong ya kopo hore na phemiti o tla e lata kapa o batla hore o romelwe yona ka poso.
Nqeng tsa moo diphoofolo di arolwang le tse ding ka baka la hobane ho belaelwa hore di na le mafu , motho ya ditlang o lokela ho iteanya le Quarantine Officer koung ya makeno:
Johannesburg Thelefounu 011 973 2827 kapa Fekse 011 973 2828
Cape Town Thelefounu 021 551 2050 kapa Fekse 021 551 1378
Quarantine station e mane Durban ha jwale ha se sebetse, empa tlhahisoleseding e ka fumanwa ho tswa ofising eo nomorong ena ya thelefounu 031 368 6011 kapa ya fekse 031 337 7469
Quarantine Officer e tla hlophisa sebaka sa bodulo ho Quarantine Station mme e lokela le ho tlatsa karolo e tshwanetseng ya foromo ya kopo. Yona e tla be e se e kgutlisetswa morao ka fekse ofisng ya diphemiti, e be ho fanwa ka phemiti e tshwanetseng ya ditswantle.
Phatlalatso ya ho Lokollwa Ditlamong  e lokelwa ho tlatswa mme e hokelwe foromong ya kopo. Foromo ena ya Phatlalatso ya ho Lokollwa Ditlamong hape e ka fumanwa Ofising ya Diphemiti.
Ka mora ho fumana foromo e tlatsitsweng ya kopo, ho tla fanwa ka Phemiti ya Ditswantle ya Bongaka ba Diphoofolo mmoho le Setifikeite sa Bophelo bo Botle sa Bongaka ba Diphoofolo mme di romelwe ho wena ka ho otloloha.
Tsona di lokelwa ho tlatswa, ka Senyesemane, ke ngaka ya diphoofolo e dumelletsweng ho etsa jwalo ke ba Tsamaiso ya Bongaka ba Diphoofolo ba naha e romelang, mme hona ho etsuwe matsatsing a leshome pele ha ho tsamaiswa ha tsona.
Ha ho na le tlhahisoleseding e hlokehang mabapi le ditlhoko tseo e leng tsona-tsona tsa phoofolo kapa sehlahiswa sa phoofolo se itseng, ho ka fumanwa dikhopi tsa disampole tsa Phemiti ya Ditswantle ya Bongaka ba Diphoofolo le Setifikeiti sa Bophelo bo Botle sa Bongaka ba Diphoofolo ho tswa Ofising ya Diphemiti.
Ho latelang ho lokelwa ho hlahiswa ho South African Veterinary Import Control Officer Koung ya Makeno:

Phemiti ya mantlha ya Ditswantle ya Bongaka ba Diphoofolo
Setifikeite sa mantlha sa Bophelo bo Botle sa Bongaka ba Diphoofolo
tokomane efe kapa efe e boletsweng, mohlala Phatlaltso ya Tokollo Ditlamong, Setifikeiti sa Moento wa Rabies, jj.



Ha ho tliswa makoko a metsi kapa a ommeng le matlalo le di-trophy, foromo ya kopo e lokelwa ho tiisetswa ke ngaka ya diphoofolo ya mmuso sebakeng seo sebaka se tjhaetsweng monwang se leng ho sona. Foromo ya kopo e lokelwa ho saenwa hape le ho kengwa setempe ke ngaka e tshwanetseng ya diphoofolo ya mmuso, e tla romela hona hape ka fekse ofising ya diphemiti. Ke feela ha hona ho se ho fumanwe, ofisi ya diphemiti e tla fana ka phemiti ya ditswantle.
Ha ho tliswa diphoofolo tse phelang tsa polasing, tse jwalo ka dikgomo, dinku, dipoodi, dipere  o lokela ho fumana phemiti ya ntlafatso ya diphoofolo pele ho ka fanwa ka phemiti ya ditswantle ya bongaka ba diphoofolo.
Ka bobedi diphemiti tsena tsa mantlha di lokelwa ho hlahiswa ho Mohlanka wa Bongaka ba Diphoofolo koung ya makeno, mmoho le Setifikeiti sa mantlha sa Bophelo bo Botle sa Bongaka ba Diphoofolo tseo ho fanwang ka tsona ke naha e romelang.

Hodimo

Molao o sebediswang



Animal Diseases Act, 1984  with amendments 

Animal Health Act, 2002 



Hodimo

Maemo a tshebeletso

Ho nka matsatsi a ho sebetsa a mararo ho isa ho a mane ho sebetsana le phemiti hang ho ba e ananelwe ke ngaka ya diphoofolo ya mmuso.

Hodimo

Ditjeo

R110 bakeng sa phemiti e tlwaelehileng ya ditswantle kapa R900 bakeng sa master import permit.

Hodimo

Diforomo tse tlatsuwang



Application to import animals or animal products into the RSA  . Foromo ena e sebetsa mefuteng e mengata ya diphoofolo tse phelang)

Application to import animals or animal products into the RSA  . Foromo ena e sebetsa dinthong tse jwalo ka dihlopha tse itseng tsa makoko le matlalo a lokelang ho ya ho tannery, hunting trophies tse lokelang ho ya ho taxidermy, le mehlape e tswang dinaheng tse ding tsa boahisani bakeng sa merero e meng e itseng, jwalo ka ho hlajwa)

Application to import animals or animal products into the RSA  . Foromo ena e sebetsa ho sesebediswa sefe kapa sefe se sa kenyeletswang foromong e nngwe, kapa diphoofolong tse phelang tse sa kenyeletswang ho quarantine ya ka mora ho tliswa ho tswa ka ntle. Hona ho tla ya ka boemo ba bophelo ba phoofolo dinaheng tse itseng)


Hodimo

Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona


